Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 3:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hape, ha etswa setjheso sa mehla, le sa kgwedi ha e thwasa, le sa mekete yohle e halalelang ya Jehova, le sa motho ka mong ya ratang ho hlabela Jehova sehlabelo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Kamora moo ba nna ba etsa le dinyehelo tsa setjheso tse tlwaelehileng tsa mokete wa ho thwasa ha kgwedi, le tsa mekete yohle e beilweng ke Morena, e kgethehileng, le tsa dimpho tsa boithaopo tsa motho ka mong.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 3:5
19 Referencias Cruzadas  

Kore, mora Jimna Molevi, molebedi wa monyako o ka nqa botjhabatsatsi, a bewa modisa wa dimpho tse etsetswang Modimo ka ho rata, hore a abe dikabelo tse ntshetswang Jehova le dintho tse kgethehileng haholo.


Ho qala ka tsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, ba hla ba qala ho hlabela Jehova mahlabelo a ditjheso; empa ke ha tempele ya Jehova e eso ho thewe.


Ra laola ka lotho bakeng sa kabelo ya dipatsi, rona, le baprista, le Balevi, le ba bang ba setjhaba, hore, ka ho ya ka matlo a bontata rona, di tliswe tlung ya Modimo wa rona, ka dinako tse beilweng, ka dilemo tsohle, ho tla beswa aletareng ya Jehova, Modimo wa rona, kamoo ho ngodilweng kateng, molaong;


Le baprista, bao e leng Balevi, ba ke ke ba ba ba hloka motho pela ka ya hlahisang ditjheso, ya tjhesang dibano hammoho le dinyehelo, ya etsang mahlabelo kamehla.


Bolela bana ba Iseraele, o re ho bona: Ekare ha motho hara lona a rata ho hlahisetsa Jehova sehlabelo, e tla ba sehlabelo kapa sa kgomo kapa sa tse kgutshwane.


Ha sehlabelo sa hae e le setjheso sa kgomo, a hlahise e tona e se nang sekodi, a e hlahise monyako wa tente ya pokano, a tle a amohelwe ke Jehova.


Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Mekete ya Jehova eo le tla e mema, e tla ba diphutheho tse halalelang. Ke ena mekete ya ka:


Ditshelo e tla ba halofo ya hine ka pohwana; le karolo ya boraro ya hine ka pheleu; le karolo ya bone ya hine ka konyana. Ke sona setjheso sa qalo ya kgwedi, sa kgwedi e nngwe le e nngwe, sa dikgwedi tsohle tsa selemo.


Le tla etsetsa Jehova sehlabelo se tjheswang ka mollo, e be setjheso, ka pohwana tse pedi, le pheleu, le dikonyana tse tona tse supileng tse se nang sekodi, tse lemo se le seng.


Le tla hlahisa, e be setjheso se monko o monate ho Jehova, dipohwana tse pedi, le pheleu, le dikonyana tse tona tse supileng tse lemo se le seng.


Le tla hlahisa sehlabelo se tjheswang ka mollo, e be setjheso se monko o monate ho Jehova, e leng dipohwana tse leshome le metso e meraro, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse se nang sekodi, tse lemo se le seng.


Le tla hlahisa setjheso se monko o monate ho Jehova sa pohwana, le pheleu, le dikonyana tse tona tse supileng tse se nang sekodi, tse lemo se le seng;


Ke wona mahlabelo ao le tla a hlabela Jehova meketeng ya lona, e be ditjheso tsa lona, le dinyehelo tsa lona, le ditshelo tsa lona, le mahlabelo a lona a kgotso, kantle ho a etswang bakeng sa phetho ya maikano, kapa a nyehelwang feela ka ho ithatela ha motho.


Le tla hlahisa setjheso se monko o monate ho Jehova sa pohwana, le pheleu, le dikonyana tse tona tse supileng tse lemo se le seng, tse se nang sekodi.


O ke ke wa ja menyakong ya metse ya hao karolo ya leshome ya koro ya hao, le ya veine ya hao e ntjha, le ya ole ya hao, le matsibolo a dikgomo tsa hao, le a dinku tsa hao, leha e le mahlabelo a dikano tsa hao, tseo o itlamang ka tsona, le dinyehelo tsa hao tsa boithatelo, le tse ntshwang ke matsoho a hao;


Le tla isa teng ditjheso le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le mahlabelo a dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithatelo, le matsibolo a dikgomo le a dinku tsa lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos