Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 3:5 - BIBELE

5 Kamora moo ba nna ba etsa le dinyehelo tsa setjheso tse tlwaelehileng tsa mokete wa ho thwasa ha kgwedi, le tsa mekete yohle e beilweng ke Morena, e kgethehileng, le tsa dimpho tsa boithaopo tsa motho ka mong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hape, ha etswa setjheso sa mehla, le sa kgwedi ha e thwasa, le sa mekete yohle e halalelang ya Jehova, le sa motho ka mong ya ratang ho hlabela Jehova sehlabelo.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 3:5
19 Referencias Cruzadas  

Kore, mora wa Jimena wa Molevi, e ne e le molebedi wa monyako o ka botjhabela. O ne a hlokomela dinyehelo tsa boithaopo tse nyehellwang Modimo, e le yena ya abang dinyehelo tsa Morena le dintho tse halalelang ka ho fetisisa.


Ho tloha ka letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, ba qala ho etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso, le hoja motheo wa Tempele ya Morena o ne o eso ralwe.


“Re etsa lotho hara baprista, le Balevi, le setjhaba, hore re tle re bone hore na ke bo-mang, ho ya ka malapa abo bona, ba tla tlisa patsi ya nyehelo ka Tempeleng ya Modimo ka dinako tse beilweng ka selemo le selemo, e leng patsi e tla beswa hodima aletare ya Morena Modimo wa rona, jwalokaha ho ngotswe Molaong.


le baprista ba Balevi ba ke ke ba hloka ya tla ntshebeletsa ka ho nketsetsa nyehelo ya setjheso le nyehelo ya dijo, le ho nketsetsa mahlabelo kamehla.”


“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha e mong wa lona a tlisetsa Morena nyehelo ya phoofolo, e be e tswang mohlapeng wa hae wa dikgomo, kapa wa dinku.


“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le kgomo e tswang mohlapeng wa hae hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha. A e tlise monyakong wa Tente ya Morena, e le hore a tle a amohelehe ho Morena.


“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Dinako tsa mekete ya Morena, tseo le tla di phatlalatsa e le dinako tsa diphutheho tse halalelang, tsa mekete ya ka, ke tsena.”


Dinyehelo tsa dino tse tsamayang le tsona e tla ba dilethara tse pedi tsa veine bakeng sa pohwana e nngwe le e nngwe, le lethara e le nngwe le halofo bakeng sa pheleu e nngwe le e nngwe, le lethara e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe. Ena ke nyehelo ya setjheso ya kgwedi e nngwe le e nngwe ya dikgwedi tsa selemo.


Le tla etsa nyehelo ka mollo, e leng nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena, e be dipohwana tse pedi, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse se nang sepha, tse nang le selemo.


Le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e be dipohwana tse pedi, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse nang le selemo.


Le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, ke ho re nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelelang ho Morena, e be dipohwana tse leshome le metso e meraro, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, e be tse se nang sepha.


Le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena; e be pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse se nang sepha, tse nang le selemo.


“ ‘Dinyehelo tsena le tla nyehella Morena ka tsona mohla mekete ya lona e beilweng, e le tse eketsang dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, e leng dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le tsa dijo, le tsa seno, le tsa teboho.’ ”


Le tla nyehella Morena ka nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e be pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse nang le selemo, tse se nang sepha.


Kahara metse ya lona le se ke la ja tse latelang: karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, tsa koro ya lona, kapa tsa veine ya lona e ntjha, kapa tsa ole ya lona, kapa tsa matsibolo a mehlape ya dikgomo tsa lona; kapa efe kapa efe ya dikano tseo le ikanneng ka tsona, kapa dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, kapa dinyehelo tsa lona tse akgotswang.


Le tle le ise ho sona dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le nyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, le matsibolo a mehlape ya lona ya dikgomo le ya dinku.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos