Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 3:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ho qala ka tsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, ba hla ba qala ho hlabela Jehova mahlabelo a ditjheso; empa ke ha tempele ya Jehova e eso ho thewe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Ho tloha ka letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, ba qala ho etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso, le hoja motheo wa Tempele ya Morena o ne o eso ralwe.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 3:6
6 Referencias Cruzadas  

Hape, ha etswa setjheso sa mehla, le sa kgwedi ha e thwasa, le sa mekete yohle e halalelang ya Jehova, le sa motho ka mong ya ratang ho hlabela Jehova sehlabelo.


Yaba ba ntshetsa dibetli tsa majwe le tsa difate ditjhelete; ba nea Basidone le Batire dijo le dino le ole, ba re, ba ye ho lata difate tsa dikedare Lebanone, mme ba di tlise Jafo ka lewatle, kamoo ba dumeletsweng ke Siruse, morena wa Persia kateng.


Bolella bana ba Iseraele, o re: Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi le qalang kgwedi, letsatsi la phomolo le tla ba teng, leo le tla le tsebiswa ka moletso wa diterompeta, mme phutheho e halalelang e tla ba teng.


Le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong; empa le tla hlahisetsa Jehova mahlabelo a tjheswang ka mollo.


Ka kgwedi ya bosupa, ka tsatsi la pele la kgwedi, le tla ba le phutheho e kgethehileng; le ke ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona. E tla ba letsatsi la ho letsa diterompeta haholo.


Le tla hlahisa setjheso se monko o monate ho Jehova sa pohwana, le pheleu, le dikonyana tse tona tse supileng tse se nang sekodi, tse lemo se le seng;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos