Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 3:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Yaba ba ntshetsa dibetli tsa majwe le tsa difate ditjhelete; ba nea Basidone le Batire dijo le dino le ole, ba re, ba ye ho lata difate tsa dikedare Lebanone, mme ba di tlise Jafo ka lewatle, kamoo ba dumeletsweng ke Siruse, morena wa Persia kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Yaba ba lefa ba betlang majwe, le ba betlang mapolanka. Ba nea Basidone le Batire dijo, le dino, le ole, hore bao ba ba tlisetse difate tsa kedare, tse tswang Lebanone, ba ba isetse tsona lewatleng la Jopo, ho ya kamoo Siruse, kgosi ya Peresiya, a neng a laetse kateng.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 3:7
20 Referencias Cruzadas  

Le yena Hirame, morena wa Tire, a romela Davida manqosa, le difate tsa dikedare, le dibetli tsa difate, le dibetli tsa majwe; tsa hahela Davida ntlo.


Mme jwale, laela o re, batho ba hao ba nthomele dikedare Lebanone; bahlanka ba ka ba tla tlatsana le bahlanka ba hao; ke tla o nea moputso wa bahlanka ba hao, kamoo o tla mpolella kateng; hobane o a tseba hoba ha ho motho ho rona ya tsebang ho rema difate jwaloka Basidone.


Enere ha ba bona hoba ditjhelete di ngata letloleng, mongodi wa morena le moprista e moholo ba ne ba tla, ba bale tjhelete tse fumanweng tlung ya Jehova, ba di kenye mekotleng.


Empa ha ho a ka ha etsetswa ntlo ya Jehova dipitsana tsa silefera, leha e le matlao, le mafiswana, le diterompeta, le dipitsa tsa kgauta, le dipitsa tsa silefera, ka tjhelete tse tliswang tlung ya Jehova.


Tsa bewa matsohong a beng ba mosebetsi, ba lebelang mosebetsi wa ntlo ya Jehova; beng ba mosebetsi ba di nea ba sebetsang tlung ya Jehova ho tsosa le ho lokisa ntlo.


Ho qala ka tsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, ba hla ba qala ho hlabela Jehova mahlabelo a ditjheso; empa ke ha tempele ya Jehova e eso ho thewe.


Le Bajuda le ba naha ya Iseraele ba ne ba hweba le wena le bona, ba ananya tsa hao ka koro ya Minnithe, le maqebekwane, le dinotshi, le ole, le balsame.


Empa Jonase a tloha ho balehela Tarshishe, hole le sefahleho sa Jehova. A theohela Joppo, mme teng a fihlela sekepe se yang Tarshishe; yaba o ntsha tefo ya leeto, a kena ka sekepeng hore a tle a ye le batho ba sona Tarshishe, hole le sefahleho sa Jehova.


Heroda o ne a halefetse Batire le Basidone. Empa ba tla ho yena ba le lentswe le le leng, mme yare ha ba itlholetse Blaste, qhoku ya morena, ba kopa kgotso, kahobane naha ya bona e ne e sela ho ya morena.


Motseng wa Jopo, mosadi o ne a le teng, e leng morutuwa, ya bitswang Tabitha, ke ho re Dorkase, ha ho fetolwa; o ne a tletse mesebetsi e metle le dithuso tseo a neng a di etsa.


Erekaha Lidda a le haufi le Jopo, yare ha barutuwa ba utlwa hobane Petrose o teng, ba mo romella banna ba babedi, ho mo rapela hore a tle ho bona, a se ke a dieha.


Petrose a dula Jopo matsatsi a mangatanyana, a dutse ha monna ya bitswang Simone, mosuhi wa matlalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos