Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 1:2 - BIBELE

2 “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha e mong wa lona a tlisetsa Morena nyehelo ya phoofolo, e be e tswang mohlapeng wa hae wa dikgomo, kapa wa dinku.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bolela bana ba Iseraele, o re ho bona: Ekare ha motho hara lona a rata ho hlahisetsa Jehova sehlabelo, e tla ba sehlabelo kapa sa kgomo kapa sa tse kgutshwane.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 1:2
13 Referencias Cruzadas  

Ha nako e ntse e eya, Kaine a tlisetsa Morena nyehelo ya dilopotsiya.


empa a se ke a kgahlwa ke Kaine le nyehelo ya hae. Kaine a halefa haholo, sefahleho sa hae sa tsunkana.


Thoholetsang tlotla e lokelang lebitso la Morena, tloong kapele ho yena le mo nyehelleng, kgumamelang Morena le kgabile ka tse halalelang.


Kamora moo ba nna ba etsa le dinyehelo tsa setjheso tse tlwaelehileng tsa mokete wa ho thwasa ha kgwedi, le tsa mekete yohle e beilweng ke Morena, e kgethehileng, le tsa dimpho tsa boithaopo tsa motho ka mong.


“ ‘O tla nketsetsa aletare e bopilweng ka mobu, mme hodima yona o etsetse mahlabelo a ditjheso, le mahlabelo a hao a teboho, e leng dinku tsa hao, le dikgomo tsa hao. Dibakeng tsohle tseo ke di kgethileng, hore a nkgumamelle ho tsona, ke tla tla ho uena, ke o hlohonolofatse.


le nyehelle Morena ka nyehelo ya mollo, e leng nyehelo ya setjheso, kapa sehlabelo sa ho etsa kano, kapa nyehelo ya boithaopo, kapa ya mekete ya lona e kgethehileng, e le nyehelo e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e tswang mohlapeng wa dikgomo kapa wa dinku.


monna eo a tlise mosadi wa hae ho moprista, mme a tle a nkile nyehelo ya mosadi eo, ya phofo ya harese e boima ba dikilo tse pedi. Empa a se ke a tshela ole, kapa mokubetso hodima yona, hobane ke nyehelo ya phofo, ya lefufa; ke nyehelo ya phofo e etsetswang hore ho nne ho hopolwe molato oo.


Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso;


Empa lona le re: ‘Ha motho a ena le seo a ka thusang ntatae kapa mmae ka sona, feela a re: Hona ke korobane’, ke ho re, ‘mpho ho Modimo,’


Bana beso, ka baka la mohau wa Modimo, ke a le rapela hore le ineele Modimo, le le sehlabelo se phelang, se halalelang, se mo kgahlisang, e leng tshebeletso ya lona e tshwanelehang.


Jwale re na le dineo tse fapaneng, ho ya ka mohau oo re o neilweng. Ya neilweng ho porofeta, a porofete ka ho ya ka tumelo;


Phelang ka lerato, jwalokaha le Kreste a le ratile, mme a tela bophelo ba hae ka baka la lona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos