Kgosi ya tjhesetsa nyehelo ya yona ya setjheso, le nyehelo ya dijo hodima aletare eo, ya tshela le nyehelo ya yona ya dino hodima yona; ya foka hodima aletare ka madi a tse hlabetsweng ho etsa nyehelo ya teboho.
Palo ya dinyehelo tsa setjheso tseo setjhaba se ileng sa di tlisa e ne e le mashome a supileng a dipohwana, le dipheleu tsa lekgolo, le dikonyana tse makgolo a mabedi. Tsena tsohle e ne e le tsa ho etsetsa Morena nyehelo ya setjheso.
Yaba Moshe o nyolohela ho Modimo, mme Morena a mmitsa a le thabeng, a re: “O tle o bue tjena ho ba ntlo ya Jakobo, mme o bolelle bana ba Iseraele, o re:
Morena a re ho Moshe: “Nyolohela ho nna mona, thabeng, mme o dule teng. Ke tla o nea matlapa a lejwe, a ngotsweng Molao, le ditaelo tseo ke di ngotseng, ho ruta Baiseraele.”
Ke tla kopana le wena hona moo, ke bue le wena ke le hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, pakeng tsa dikerubime tse pedi, tse hodima areka ya selekane. Ke tla o nea melao yohle ya bana ba Iseraele.”
“Sehlabelo sena sa setjheso se tla nne se etsetswe Morena kamehla yohle, ho isa melokong ya lona e tlang; se etsetswe monyakong wa Tente ya Morena, moo ke tla kopana le wena, ke be ke bue le wena hona teng.
Morena a bona hore Moshe o a kgelohela, ho ya bona, mme Modimo a mmitsa a le kahara sehlahla sa monokotshwai, a re: “Moshe! Moshe!” Yaba Moshe o re: “Ke nna enwa!”
Moshe o ne a ye a nke Tente, ebe o e hloma kathoko ho diahelo, hojana le tsona, mme a e bitse Tente ya Morena. Jwale bohle ba neng ba batla ho tseba thato ya Morena, ba ne ba ye ba ye Tenteng eo, e leng Tente ya Morena, e neng e le kathoko ho diahelo.
A bea aletare ya setjheso monyakong wa Leaho, Tente ya Morena, hodima yona a etsa sehlabelo sa setjheso, le nyehelo ya dijo, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.
Tsena, Morena o ne a di laele Moshe ha a le thabeng ya Sinai, mohla a neng a laela bana ba Iseraele ho tlisetsa Morena dinyehelo tsa bona, ha ba le lehwatateng la Sinai.
Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, selemong sa bobedi bana ba Iseraele ba tlohile naheng ya Egepeta, ha Moshe a le ka Tenteng ya Morena, lehwatateng la Sinai, Morena a bua ho Moshe, a re:
Ha Moshe a kena ka Tenteng ya Morena ho ya bua le Modimo, a utlwa lentswe le buang ho yena, le etswa kahodima sekwahelo se hodima areka ya selekane, pakeng tsa dikerubime tse pedi, mme yaba le bua le yena.