Baale-Hanane ya eba mohlahlobi wa mehlwaare le disikomora tse leng dithoteng; Joashe yena a hlahloba dipolokelo tsa ole.
Joshua 15:41 - Sesotho 1909/1961 (SO) Gederothe, Bethe-Dagone, Naama, le Makkeda; metse eo e leshome le metso e tsheletseng, le metsana ya eona; BIBELE le Gederote, le Bete-Dagone, le Naama, le Makeda. Metse ena e ne e le leshome le metso e tsheletseng, le metsana ya yona. |
Baale-Hanane ya eba mohlahlobi wa mehlwaare le disikomora tse leng dithoteng; Joashe yena a hlahloba dipolokelo tsa ole.
Le bona Bafilesta ba ne ba futuhetse metse e lehwatateng le ka nqa borwa ho Juda, ba hapa Bethe-Shemeshe, le Ajalone, le Gederothe, le Shoko le metsana ya teng, le Thimna le metsana ya teng, le Gimso le metsana ya teng, mme ba aha ho yona.
Metswalle ya Jobo e meraro ya utlwa kotsi yohle eo a wetsweng ke yona, e le Elifase wa Themane, le Bildade wa Shua, le Tsofare wa Naama; ba tloha ha habo bona, mme ba kopanya dipuo ho tla hammoho ho utlwela Jobo bohloko le ho mo tshedisa.
Jehova a ba qhalanya pela Baiseraele, a ba bolaela Gibeone haholo; Baiseraele ba ba phallela moepeng wa Bethe-Horone, ba ba timetsa ho ya fihla Aseke le Makkeda.
Jwale, setjhaba sohle sa boela ka kgotso diahelong ho Joshua, Makkeda, ho se motho ya sebang bana ba Iseraele ka leleme la hae.
Tsatsing leo, Joshua a kena Makkeda, mme a bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, a timetsa le morena wa teng le batho bohle ba teng; ha a ka a siya motho le a mong teng; a etsa ho morena wa Makkeda jwalokaha a ne a entse ho morena wa Jeriko.
Nqa botjhabatsatsi, o pota Bethe-Dagone, o fihla Sabulone, le sekgutlong sa Jiftha-Ele, nqa leboya ho Bethe-Emeke, le Nejele; o ntoo fetela Kabule ka ho le letshehadi;