Yaba Jishbi-Benobe, wa mofuta wa Barefaime eo lerumo la hae le neng le na le boima ba dishekele tse makgolo a mararo tsa koporo, ya ikgahlotseng le ka sabole e ntjha, a re o bolaya Davida.
Joshua 15:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kalebe a leleka teng bara ba bararo ba Anake, Sheshai, le Akimane, le Talmai, bana ba Anake. BIBELE Naheng eo, Kalebe a leleka bara ba bararo ba Anake, e leng Sheshai, le Ahimane, le Talamai, ditloholo tsa Anake. |
Yaba Jishbi-Benobe, wa mofuta wa Barefaime eo lerumo la hae le neng le na le boima ba dishekele tse makgolo a mararo tsa koporo, ya ikgahlotseng le ka sabole e ntjha, a re o bolaya Davida.
re bone teng diqhobane, bana ba Anake, ba mofuta wa diqhobane; mahlong a rona, le mahlong a bona, re ne re le jwaloka mehlwanyane feela.
Ke setjhaba se seholo, se boemo bo bolelele, ke ditloholo tsa Baanake bao o ba tsebang, bao o utlwileng ha ho thwe: Ho ka ema mang pela bana ba Anake?
Mohlang oo, Joshua a ya, a fedisa Baanake ba dithabeng tsa Hebrone, le Debire, le Anabe, le dithabeng tsohle tsa Juda, le dithabeng tsohle tsa Iseraele; Joshua a ba fedisa le metse ya bona.
Ha ho a ka ha sala motho le a mong wa Baanake fatsheng la bana ba Iseraele; feela ha nna ha sala ba seng bakae Gasa, le Gathe, le Ashdode.
Hape, ba Juda ba futuhela Bakanana ba ahileng Hebrone (bitso la pele la Hebrone e ne e le Kiryath-Arba), mme ba hlola metse ya Sheshai, le Akimane, le Talmai.
Kalebe yena a newa Hebrone, kamoo Moshe a neng a boletse kateng, mme a leleka bara ba bararo ba Anake teng.