Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Baahlodi 1:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hape, ba Juda ba futuhela Bakanana ba ahileng Hebrone (bitso la pele la Hebrone e ne e le Kiryath-Arba), mme ba hlola metse ya Sheshai, le Akimane, le Talmai.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Jwale ba morabe wa Juda ba futuhela Bakanana ba neng ba ahile Heborone. Pele ho mona, lebitso la Heborone e ne e le Motse wa Areba. Ba hlola Sheshai, le Ahimane, le Talamai.

Ver Capítulo Copiar




Baahlodi 1:10
12 Referencias Cruzadas  

Sara a shwela Kiryath-Arba, e leng Hebrone, naheng ya Kanana; mme Abrahama a tla bofifing ba Sara ho mo llela.


Yaba o re ho yena: Ako ye hle, o bone hore na ho ntse ho dutswe hantle ke banabeno le ke mehlape, o ntoo ntlela le ditaba. Yaba o mo roma a le sekgutlong sa Hebrone, mme a ya Sikeme.


Ke lemohile, mme ke bone tlasa letsatsi hoba peisong ya lebelo ha a siye ba bang kamehla, ntwa hase ya diqhenqha kamehla, bohobe hase jwa ba bohlale kamehla, le leruo hase la ba kello kamehla, le ho ratwa hase ha batsebi kamehla, empa bohle ba hlahelwa ke nako le sebaka sa ntho tseo.


Ho itswe ke Jehova: Ya leng bohlale a se ke a ithorisa bohlaleng ba hae, ya matla a se ke a ithorisa matleng a hae, mofumi a se ke a ithorisa lefumong la hae.


Ba kena ka nqa borwa, ba fihla Hebrone, moo ho neng ho ahile bana ba Anake, boAkimane, Sheshai, le Talmai. Hebrone o ne a hahilwe dilemo tse supileng, motse wa Tsoane wa Egepeta, o eso ho be teng.


re bone teng diqhobane, bana ba Anake, ba mofuta wa diqhobane; mahlong a rona, le mahlong a bona, re ne re le jwaloka mehlwanyane feela.


Ebile Joshua le Baiseraele bohle ba ho yena ba tloha Eglone, ba ya Hebrone, mme ba o lwantsha.


Pele lebitso la Hebrone e ne e le Kiryath-Arba; Arba yena e be e le motho e molelele ho feta Baanake kaofela. Mme lefatshe la phomola ntwa e le siyo.


Kalebe yena a newa Hebrone, kamoo Moshe a neng a boletse kateng, mme a leleka bara ba bararo ba Anake teng.


Bana ba Juda ba ntoo theoha, ho ya futuhela Bakanana ba ahileng dithabeng, le Borwa, le lehwatateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos