Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 15:14 - BIBELE

14 Naheng eo, Kalebe a leleka bara ba bararo ba Anake, e leng Sheshai, le Ahimane, le Talamai, ditloholo tsa Anake.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Kalebe a leleka teng bara ba bararo ba Anake, Sheshai, le Akimane, le Talmai, bana ba Anake.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 15:14
9 Referencias Cruzadas  

Ishibi, eo e neng e le e mong wa diqhobane, o ne a le Nobe. Lerumo la hae, le entsweng ka lethose, le ne le le boima bo ka etsang dikilo tse tharo le halofo, a bile a hlometse le ka sabole e ntjha, mme a nyoretswe ho bolaya Davida.


Naheng eo re bone diqhobane tsena, e leng Baanake ba tswetsweng ke diqhobane. Ha re ipapisa le bona re iphumane re le ditsienyane, le bona ha ba re tadima ba bona re le ditsienyane.”


Kamoo le ba tsebang kateng, Baanake ke setjhaba sa batho ba diqhobane, ba balelele, bao le utlwileng ho buuwa ka bona, ho thwe: ‘Ke mang ya ka emang kapele ho Baanake?’


Ka yona nako eo, Joshua a fihla a fedisa Baanake naheng e maralla, le Heborone, le Debiri, le Anabe, le naheng yohle e maralla ya Juda, le naheng yohle e maralla ya Iseraele. Joshua a ba timetsa ho hang, mmoho le metse ya bona.


Ha ho le ya mong wa Baanake ya ileng a sala naheng ya bana ba Iseraele, haese Gasa, le Gate, le Ashedode feela, moo methwaela e ileng ya sala.


Jwale ba morabe wa Juda ba futuhela Bakanana ba neng ba ahile Heborone. Pele ho mona, lebitso la Heborone e ne e le Motse wa Areba. Ba hlola Sheshai, le Ahimane, le Talamai.


Ba nea Kalebe motse wa Heborone, jwalokaha Moshe a ne a buile, mme yena a leleka bara ba bararo ba Anake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos