2 Samuele 21:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)16 Yaba Jishbi-Benobe, wa mofuta wa Barefaime eo lerumo la hae le neng le na le boima ba dishekele tse makgolo a mararo tsa koporo, ya ikgahlotseng le ka sabole e ntjha, a re o bolaya Davida. Ver CapítuloBIBELE16 Ishibi, eo e neng e le e mong wa diqhobane, o ne a le Nobe. Lerumo la hae, le entsweng ka lethose, le ne le le boima bo ka etsang dikilo tse tharo le halofo, a bile a hlometse le ka sabole e ntjha, mme a nyoretswe ho bolaya Davida. Ver Capítulo |
Hapehape, ntwa e nngwe ya lwana Gathe; teng, ha hlaha monna e molelele eo seatla se seng le se seng sa hae se nang le menwana e tsheletseng, le leoto le leng le le leng la hae le nang le menwana e tsheletseng, e etsa mashome a mabedi a metso e mene ha e balwa. Le yena e ne e le wa mofuta wa Barefaime.
[Hobane Oge, morena wa Bashane, o ne a setse a nnotshi wa mofuta wa Barefaime. Ha ke re, malao a hae, e leng malao a tshepe a ntse a le Rabba, motseng wa bana ba Ammone? Bolelele ba wona ke ditswe tse robileng mono o le mong, mme bophara ba wona ke ditswe tse nne, ha ho lekanngwe ka setswe sa motho.]