Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 21:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Bafilesta ba boela ba lwana le Baiseraele; ka baka leo, Davida a futuhela Bafilesta a ena le bahlanka ba hae; ke ha Davida a se a fokotse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Bafilesita ba boela ba lwana le Baiseraele. Davida a theoha le bahlanka ba hae, ba lwantsha Bafilesita, Davida a ba a kgathala.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 21:15
14 Referencias Cruzadas  

Yaba Jishbi-Benobe, wa mofuta wa Barefaime eo lerumo la hae le neng le na le boima ba dishekele tse makgolo a mararo tsa koporo, ya ikgahlotseng le ka sabole e ntjha, a re o bolaya Davida.


Bafilesta ha ba utlwa hore Davida o tlotsitswe ho ba morena wa Iseraele, ba futuha bohle ho ya lwantsha Davida; mme Davida ha a utlwa, a kena qhobosheaneng.


Bafilesta ba boela ba futuha hape, ba rasa kgohlong ya Barefaime.


Davida a etsa jwalokaha Jehova a mo laetse, mme a qhala Bafilesta, ho tloha Gibea, ho ya fihla Gesere.


Kamora tseo, Davida a fenya Bafilesta a ba kokobetsa, a amoha Bafilesta motse o mong wa moreneng.


Kamora tseo, ntwa ya lwana le Bafilesta Gesere; teng Sibekkai Mohusha a bolaya Sippai, e mong wa bana ba Barefaime; mme teng ba kokobetswa.


Modimo, o se ke wa ntlohela ho fihlela botsofading bo boputswa; ke tle ke bolele diketso tsa hao ho moloko o tlang, le matla a hao ho bohle ba sa tlang ho tswalwa.


O se ke wa ntahla mehleng ya botsofadi ba ka; ha matla a ka a fela, o se ke wa ntlohela.


Nama ya ka le pelo ya ka di ntse di fela; lefika la pelo ya ka le kabelo ya ka ke Modimo, ka ho sa yeng kae!


ho eso ho tle tsatsi leo balebedi ba ntlo ba tla thothomela, le banna ba dinatla ba tla kobama, le basadi ba silang ba tla ema, ka ho re, palo ya bona e fokotsehile, le basadi ba tadimang ka difensetere ba tla fifatswa,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios