Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 21:16 - BIBELE

16 Ishibi, eo e neng e le e mong wa diqhobane, o ne a le Nobe. Lerumo la hae, le entsweng ka lethose, le ne le le boima bo ka etsang dikilo tse tharo le halofo, a bile a hlometse le ka sabole e ntjha, mme a nyoretswe ho bolaya Davida.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yaba Jishbi-Benobe, wa mofuta wa Barefaime eo lerumo la hae le neng le na le boima ba dishekele tse makgolo a mararo tsa koporo, ya ikgahlotseng le ka sabole e ntjha, a re o bolaya Davida.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 21:16
20 Referencias Cruzadas  

Ka selemo sa leshome le metso e mene Kedore-Laomere le dikgosi tse neng di ikopantse le yena, a tla, mme a hlola Barefaime ba le Ashetarote-Karanaime, le Basusime ba le Hame, le Baemime ba le thoteng ya Kiriataime;


Ka yona nako eo, le kamora moo, diqhobane tsa eba teng lefatsheng, ha bara ba Modimo ba bokana le baradi ba batho, ba tswala bana le bona. Bana bao ke tsona dinatla tsa boholoholo tse tumileng haholo.


Kamora tsena, Bafilesita ba boela ba tsosa ntwa Gobe. Sibekai wa Mohusha a bolaya Safe, eo e neng e le e mong wa diqhobane.


Ntwa e nngwe ya boela ya qhoma Gate. Hona moo ho ne ho ena le monna wa safola. Le leng le le leng la matsoho a hae, le maoto a hae, le ne le ena le menwana e tsheletseng, kaofela e le menwana e mashome a mabedi a metso e mene, mme le yena e le seqhobane.


Ba bane bana ba ne ba tswetswe ke seqhobane sa Gate, mme ba bolawa ke Davida le ke bahlanka ba hae.


Bafilesita ba fihla, ba hwaramana ka kgohlong ya Refaime.


Ba nyolohela Negebe, ba ya fihla Heborone, moo Ahimane, le Sheshai, le Talamai, bana ba Anake, ba neng ba ahile teng. Heborone e ne e ile ya hahuwa dilemo tse supileng pele Sowane e Egepeta e hahuwa.


Leha ho le jwalo, batho ba ahileng moo ba matla, mme metse ya teng e meholo, e na le diqhobosheane; re bile re bone Baanake hona teng.


Ekaba re nyolohela kae? Bana babo rona ba re nyahamisitse dipelo, ba re: Baahi ba moo ke dinatla, mme ba balelele ho re feta. Metse ya bona e meholo, e na le diqhobosheane tse fihlang marung. Le Baanake re ile ra ba bona hona moo.’


Ka nako ena e fetileng, Baemime ba ne ba ahile moo. E ne e le setjhaba se seholo, se sengata, sa banna ba balelele jwaloka Baanake.


Le bona, jwaloka Baanake, ba ne ba bitswa Barefaime, empa Bamoabe ba ne ba ba bitsa Baemime.


Baamone e ne e le setjhaba se seholo, se sengata, sa batho ba balelele, jwaloka Baanake, empa Morena o ile a fiela Baanake kapele ho Baamone, mme Baamone ba nka naha ya bona, ba aha ho yona.


Ke Oge feela, kgosi ya Bashane, eo e leng lesalla la Barefaime. Lekese la hae la bafu e ne e le la tshepe, bolelele ba lona e le dimethara tse nne, bophara e le dimethara tse pedi, ho latela ho lekanya ho tlwaelehileng ha mehla eo. Lekese leo le sa le teng le kajeno motseng wa Baamone, wa Raba.


Kamoo le ba tsebang kateng, Baanake ke setjhaba sa batho ba diqhobane, ba balelele, bao le utlwileng ho buuwa ka bona, ho thwe: ‘Ke mang ya ka emang kapele ho Baanake?’


Ha ho le ya mong wa Baanake ya ileng a sala naheng ya bana ba Iseraele, haese Gasa, le Gate, le Ashedode feela, moo methwaela e ileng ya sala.


Naheng eo, Kalebe a leleka bara ba bararo ba Anake, e leng Sheshai, le Ahimane, le Talamai, ditloholo tsa Anake.


Theko ya lerumo la sona e ne e le kalo ka mofeng wa motjhine o ohlang, hlooho ya lerumo leo e le boima ba dikilo tse supileng. Mojari wa thebe ya sona o ne a se eteletse pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos