Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 11:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Mohlang oo, Joshua a ya, a fedisa Baanake ba dithabeng tsa Hebrone, le Debire, le Anabe, le dithabeng tsohle tsa Juda, le dithabeng tsohle tsa Iseraele; Joshua a ba fedisa le metse ya bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Ka yona nako eo, Joshua a fihla a fedisa Baanake naheng e maralla, le Heborone, le Debiri, le Anabe, le naheng yohle e maralla ya Juda, le naheng yohle e maralla ya Iseraele. Joshua a ba timetsa ho hang, mmoho le metse ya bona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 11:21
18 Referencias Cruzadas  

Efela poloko e tswang maralleng le dithabeng ke thetso feela; efela pholoho ya Iseraele e ho Jehova, Modimo wa hae.


Ho itswe ke Jehova: Ya leng bohlale a se ke a ithorisa bohlaleng ba hae, ya matla a se ke a ithorisa matleng a hae, mofumi a se ke a ithorisa lefumong la hae.


Athe ke nna ke neng ke timetse Baamore pela lona, bao bolelele ba bona bo neng bo le ka ka bolelele ba dikedare, ba le matla jwaloka dieike, ka timetsa tholwana tsa bona hodimo le metso ya bona tlase.


re bone teng diqhobane, bana ba Anake, ba mofuta wa diqhobane; mahlong a rona, le mahlong a bona, re ne re le jwaloka mehlwanyane feela.


Re tla nyolohela kae? Banababo rona ba re nyahamisitse dipelo, ha ba itse: Ke setjhaba se re fetang ka bongata le ka boemo bo bolelele; ke metse e meholo e haheleditseng ka marako a fihlang lehodimong; re bone bana ba Anake teng.


E ne e le setjhaba se seholo, se sengata, se boemo bo bolelele jwaloka Baanake. Jehova a ba fedisa pela bana ba Ammone; yaba bao ba ba lelekisa, mme ba aha tulong tsa bona.


Ke setjhaba se seholo, se boemo bo bolelele, ke ditloholo tsa Baanake bao o ba tsebang, bao o utlwileng ha ho thwe: Ho ka ema mang pela bana ba Anake?


Marena ao wohle le mafatshe a wona Joshua a a hapa kaofela ka nako e le nngwe, hobane Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a lwanela Baiseraele.


Yaba ke a tadima, ka bona pere e tshweu, mme ya e kaletseng a tshwere seqha; a fuwa moqhaka, mme a tloha e le ya hlolang le ya tla hlola.


Kalebe yena a newa Hebrone, kamoo Moshe a neng a boletse kateng, mme a leleka bara ba bararo ba Anake teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos