Kamora taba tsena, lentswe la Jehova la fihla ho Abrame ka pono, la re: Se tshabe, Abrame; ke nna thebe ya hao, mme moputso wa hao o tla ba moholoholo.
Joele 2:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Se tshabe, wena lefatshe! o thabe, o nyakalle, hobane Jehova o etsa tse kgolo! BIBELE Wena lefatshe, se ke wa tshaba letho; thaba, mme o nyakalle, hobane Morena o entse tse kgolo. |
Kamora taba tsena, lentswe la Jehova la fihla ho Abrame ka pono, la re: Se tshabe, Abrame; ke nna thebe ya hao, mme moputso wa hao o tla ba moholoholo.
Ho loka ha hao, Modimo, ho phahamile ho fihla lehodimong. O entse ntho tse kgolo, Modimo; ya ka ka wena ke mang?
Dinoka a di ke di ope ka diatla, le dithaba di ntshe mehoo ya thabo pela Jehova, hobane o ya tla ho ahlola lefatshe.
Naha e tshehla e tla thaba, le lona lefatshe le omeletseng; mahalaopa a tla nyakalla, a mele dipalesa jwaloka leshoma.
o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; o se ke wa tshoha, hobane ke Modimo wa hao; ke tla o fa matla, ke o thuse, ke o tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!
Mahodimo, nyakallang ka difela, hobane Jehova o sebeditse; le lona matebo a lefatshe hlabang ditlatse. Dithaba a di ke di dume ka mehoo ya thabo, le meru le difate tsa yona, hobane Jehova o lopolotse Jakobo, mme o bonahaditse kganya ya hae Iseraeleng.
O se ke wa tshaba, hobane o ke ke wa hlajwa ke dihlong; o se ke wa swaba, hobane o ke ke wa tsielwa ke letho, empa o tla lebala dihlong tsa botjha ba hao, o ke ke wa hlola o hopola maswabi a bohlolohadi ba hao.
Hobane le tla tloha ka thabo, le tsamaiswe ka kgotso; dithaba le maralla di tla ntsha mehoo ya nyakallo pela lona, difate tsohle tsa naha di ope diatla.
Bitsa ho nna, mme ke tla o araba, ke o bontshe tse kgolo le tse patilweng tseo o sa di tsebeng.
Haele sera seo se tswang nqa leboya, ke tla se tlosa hara lona, ke se lelekele lefatsheng le sebataolo, le omileng; makgotla a sona a etellang pele ke tla a akgela lewatleng la Botjhabela, le a morao a qeteletseng ke a akgele lewatleng la Bophirimela; monko wa sona o tla phahama, le ho bola ha sona ho nyolohe, hobane se re, se entse tse kgolo.
Le tla ja, le be le kgore; le tla rorisa lebitso la Jehova, Modimo wa lona, ya le etseditseng tse hlollang, mme setjhaba sa ka se ke ke sa hlola se hlajwa ke dihlong le ka mohla o le mong.
ke boetse ke hopotse matsatsing ana ho etsa Jerusalema le ntlo ya Juda hantle. Se tshoheng!
Botsa he ditaba tsa mehla ya boholoholo, tsa mohla o neng o sa ntsane o le siyo, ho qala ka tsatsi leo Modimo o neng o bope motho lefatsheng, le ho tloha pheletsong e nngwe ya mahodimo ho isa ho e nngwe, na taba e kalo e se e kile ya hlaha, kapa e jwalo e se e kile ya utlwahala na?
Felang le tshabe Jehova, le mo sebeletse ka nnete le ka pelo tsohle tsa lona; hobane le tshwanetse ho lemoha tse kgolohadi tseo a le etseditseng tsona.