Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 12:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Felang le tshabe Jehova, le mo sebeletse ka nnete le ka pelo tsohle tsa lona; hobane le tshwanetse ho lemoha tse kgolohadi tseo a le etseditseng tsona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Le tshabe Morena feela, le mo sebeletse ka nnete le ka dipelo tsa lona tsohle. Elellwang dintho tse kgolo, tseo a le etseditseng tsona.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 12:24
17 Referencias Cruzadas  

Empa Jehova, Modimo wa lona, ke yena eo le tshwanetseng ho mo tshaba: ke yena ya tla le namolela matsohong a bohle bao e leng dira ho lona.


Wa ntoo re ho motho: Bona, ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho sesefa bobe ke yona kutlwisiso.


Qalo ya bohlale ke ho tshaba Jehova; bohle ba ineelang hoo ba na le kutlwisiso e lokileng. Kganya ya hae e hlola ka ho sa feleng.


Pelo yohle ya ka a e ke e ineele dikomelo tsa hao, hore ke se ke ka hlabiswa dihlong.


Madi e tla ba letshwao la lona matlung ao le dutseng ho wona; ke tla bona madi, ke le fete, mme kotsi ha e ka ke ya eba hodima lona ho le bolaya, ha ke otla naha ya Egepeta.


Ho tshaba Jehova ke motheo wa tsebo; empa ba mawatla ba nyedisa bohlale le thuto.


Bofello ba taba tseo kaofela ke jona: Tshaba Modimo, o boloke ditaelo tsa wona, hobane, ke yona tshwanelo yohle ya motho;


Harepa le lesiba, moropa le phala le veine, ke tsona mekete ya bona, empa ha ba ele mosebetsi wa Jehova hloko, ha ba bone morero wa matsoho a hae.


Nathanaele a re ho yena: Na ntho e molemo e ka tswa Nasaretha na? Filipi a re ho yena: Tloo, o bone.


Ka baka leo, banabeso, ke a le rapela hle ka mehauhelo ya Modimo, hore le ke le o beele mmele ya lona, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se kgahlisang Modimo; ke yona tshebeletso e le tshwanetseng.


Ke yena e leng letlotlo la hao, ke yena e leng Modimo wa hao, o o etseditseng ntho tse kgolo tsena, tse tshabehang, tseo mahlo a hao a di boneng.


Dipolelo tsa selekane seo Jehova a laetseng Moshe ho se etsa le bana ba Iseraele, naheng ya Moabe, kantle ho selekane seo a neng a se entse le bona Horebe, ke tsena:


Moshe a bitsa Baiseraele bohle, mme a re ho bona: Le bone tsohle tseo Jehova a di entseng pontsheng ya lona Egepeta, ho Faro le ho bahlanka ba hae kaofela le ho naha ya hae yohle;


hobane Modimo wa rona ke mollo o timeletsang.


Ha ho le jwalo, tshabang Jehova jwale, le mo sebeletse ka sebele le ka nnete; le lahle medimo eo bontata lona ba ileng ba e sebeletsa mose wane ho noka, le Egepeta, mme le sebeletse Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos