Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 2:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Mohlang oo, ke tla utlwa, ho bolela Jehova, ke utlwe mahodimo, wona a utlwe lefatshe,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 “Mohla tsatsi leo ke tla araba,” ho rialo Morena, “ke tla arabela mahodimo, mahodimo wona a arabele lefatshe.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 2:21
15 Referencias Cruzadas  

Hobane jwalokaha pula le lehlwa di theoha lehodimong, mme di sa kgutlele teng di eso ho nosetse lefatshe, le ho le behisa, le ho le medisa, le tle le ntshetse mojadi peo, le moji bohobe;


Ha o sa tla hlola o bitswa Motlohelwa, naha ya hao e ke ke ya nna ya bitswa Nahathothe; empa o tla bitswa Moratuwa, lefatshe la hao le bitswe Monyaduwa, hobane Jehova o thaba ka wena, mme lefatshe la hao le tla bona monyadi.


Hobane jwalokaha mohlankana a nyala morwetsana, bara ba hao ba tla o nyala; mme jwaloka ha monyadi a thabela monyaduwa, Modimo wa hao o tla o thabela.


Etlare ba eso ho howe, ke tla be ke se ke ba arabile; etlare ba sa bolela, ke tla be ke se ke ba utlwile.


Ke tla le ntsha ditshileng tsa lona tsohle, mme ke tla mema koro, ke e atise, ke se ke ka hlola ke le romela tlala;


Ba ahileng moriting wa hae ba tla tsosa koro, ba thunye jwaloka morara; ho tuma ha hae ho be jwalokaha morara wa Lebanone.


Jehova a arabela setjhaba sa hae, a re: Bonang, ke se ke le romela koro le veine le ole, le tle le kgore ke tsona; ha ke sa tla le etsa ba hlomphollwang hara ditjhaba.


Eo ya boraro, yona ke tla e kenya mollong, ke ba qhibidise jwaloka ha ho qhibidiswa silefera, ke be ke ba tsheke jwaloka, ha ho tshekwa kgauta. Ba tla rapela lebitso la ka, mme ke tla ba arabela. Ke tla re: Ke setjhaba sa ka, mme sona se tla re: Jehova ke Modimo wa rona.


Hobane peo ya kgotso e tla ba teng; morara o tla beha ditholwana tsa wona, lefatshe le behe dijo tsa lona, lehodimo le nee phoka ya lona, mme ntho tseo tsohle ke tla di nea masala a setjhaba sena, hore e be lefa la sona.


ke tla ba tlisa, ba tle ba ahe kahara Jerusalema, mme e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona ka nnete le ka ho loka.


Tlisang tlung ya polokelo karolo ya leshome ya tsohle tseo le di ruileng, dijo di tle di be teng tlung ya ka; le nteke kahoo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme le bone ha nke ke ka le thibollela diphororo tsa lehodimo, ke be ke le tshollele hlohonolofatso ka tekanyo e fetisang!


Ke tla le kgalemella sesedi, se tle se se ke sa le senyetsa dijo tsa lefatshe, mme morara o ke ke wa le phutsetsa naheng, ho bolela Jehova wa makgotla.


Le mpe le batle mmuso wa Modimo le ho loka ha wona pele; mme dintho tseo tsohle le tla di ekeletswa.


Wona o sa kang wa qenehela Mora wa wona wa sebele, wa mpa wa mo tella rona bohle, na o ke ke wa re sitsa ka dintho tsohle le yena na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos