Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 2:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 ke o nyale le ho tshepeheng, mme o tla tseba Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Ke tla o nyala ka botshepehi, mme o tla tseba hore ke nna Morena.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 2:20
31 Referencias Cruzadas  

le dintho tsohle tse utlwang tseo le nang le tsona, leha e le dinonyana, leha e le makgomo, le diphoofolo tsohle tsa lefatshe tseo le nang le tsona, ho qala ka tse tswileng arekeng ho isa ho tsohle tse utlwang lefatsheng.


Jehova o tla ahlolela ditjhaba, a laye mefuta e mengata, mme ba tla tea diphehla tsa bona tsa ntwa mehoma, le marumo a bona ba a tee disekele; setjhaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela setjhaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho lwana.


Ha o sa tla hlola o bitswa Motlohelwa, naha ya hao e ke ke ya nna ya bitswa Nahathothe; empa o tla bitswa Moratuwa, lefatshe la hao le bitswe Monyaduwa, hobane Jehova o thaba ka wena, mme lefatshe la hao le tla bona monyadi.


Ke tla ba nea pelo e ntsebang hoba ke Jehova; mme e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona, hobane ba tla sokolohela ho nna ka pelo yohle.


Mme jwale, wena mohlanka wa ka Jakobo, se tshabe, ho bolela Jehova; se thothomele, Iseraele, hobane bona, ke tla o pholosa, ke o late naheng e hole, ke late le leloko la hao lefatsheng la kgoleho; Jakobo o tla boya, a itulele, a iketle, mme ha a sa tla tshabiswa ke motho.


Ke tla ithabella bona ho ba etsa hantle; ke ba hlome lefatsheng lena kannete, ka pelo ya ka yohle le ka moya wa ka wohle.


Empa ya ithorisang a ke a ithorisetse hona: ha a etsa ka bohlale, a ntseba, hobane ke nna Jehova ke etsang mohau, le kahlolo, le ho loka lefatsheng, hobane ke kgahliswa ke tseo, ho bolela Jehova.


Ke tla etsa selekane le wena, o tle o tsebe hoba ke nna Jehova;


Ka feta ka wena, ka o bona, e le ha dilemo tsa hao e le dilemo tsa lerato; ka o alla moleka wa kobo ya ka, ka apesa bofeela ba hao; ka ba ka o hlapanyetsa, ka hlaba selekane le wena, ho rialo Morena Jehova, mme wa ba wa ka.


Ke tla ba etsetsa selekane sa kgotso, ke etse hore dibatana di hlokahale lefatsheng; ba tla aha lefeelleng ba iketlile, ba robale merung.


Sefate se naheng se tla beha ditholwana tsa sona, lefatshe le behe tsa lona; ba tla iketla naheng ya bona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova, mohla ke robang difate tsa joko ya bona, ke ba namolelang matsohong a ba ba sebedisang.


Mme ke tla itlotlisa, ke be ke ikgalaletse, ke itsebahatse mahlong a ditjhaba tse ngata; mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


Athe nna ke Jehova Modimo wa hao, haesa le o etswa lefatsheng la Egepeta; kantle ho nna, ha o tsebe Modimo o mong, le Mopholosi ha a yo, haese nna.


Ke tla o nyala, o be wa ka ka ho sa feleng, ke o nyale ho lokeng, le kahlolong, le mohaung, le lerekong,


Hobane ke thabela lerato haholo ho sehlabelo, ho tseba Modimo ke ho rata ho fetisa mahlabelo a ditjheso.


Nako ya ho pola e tla fihlelana le ya kotulo ya merara, mme kotulo ya merara e tla fihlelana le nako ya ho jala. Le tla ja bohobe ba lona, le be le khore, mme le tla aha naheng ya lona ka boiketlo.


Ke tla etsa kgotso naheng ya lona; le tla robala ho se motho ya le tsosang; ke tla fedisa dibatana tse harolang, mme lerumo le ke ke la feta ka naha ya lona.


Mme Jehova o tla ahlolela ditjhaba tse ngata, a kgalemele merabe e matla, ho isa hole. Ka disabole tsa bona ba tla tea mehoma, ka marumo a bona ba tee disekele; setjhaba se seng se ke ke sa hlola se tsohela setjhaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntwa.


Ke tla tlosa makoloi hara Efraime, le dipere Jerusalema, seqha sa ntwa se fediswe. O tla bolela kgotso ho ditjhaba, a buse ho tloha lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho tloha nokeng ho isa pheletsong tsa lefatshe.


Ntho tsohle di beilwe ho nna ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora, haese Ntate; hape, ha ho ya tsebang Ntate, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo kwahollela yena.


Dintho tsohle ke di neilwe ke Ntate; mme ha ho ya tsebang hoba Mora ke mang, haese Ntate, le hoba Ntate ke mang, haese Mora, le eo Mora a ka ratang ho mo senolela yena.


Mme bophelo bo sa feleng, ke hore ba o tsebe, wena Modimo o nnotshi wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.


Athe ha le mo tsebe. Nna, ke a mo tseba; ha nka re, ha ke mo tsebe, nka ba leshano jwaloka lona; empa ke a mo tseba, mme lentswe la hae ke a le boloka.


Hobane Modimo o kileng wa re: Lesedi le hlahe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, ho hlahisa lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo e bonahalang ho Jesu Kreste.


Ke fela ke lekanya hoba ntho tsohle ke tshenyehelo, ha di ka bapiswa le boholo ba ho tseba Jesu Kreste, Morena wa ka, eo ke lahlileng tsohle ka baka la hae, mme ke di etsa dithole, ke tle ke rue Kreste;


le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise kahohle, le behe ditholwana mesebetsing e metle yohle, le ntse le hola tsebong ya Modimo;


Hape, e sa le ka baka leo ke utlwiswang bohloko boo; empa ha ke hlajwe ke dihlong ke hona, kahobane ke tseba eo ke mo dumetseng, mme ke kgolwa ruri hore o na le matla a ho mpolokela seo ke se beileng ho yena, letsatsi lela le be le tjhabe.


Mme ha ho ka ke ha hlola ho eba ya rutang ya ahisaneng le yena, kapa ngwanabo, ka ho re: Tseba Morena! Hobane ba tla ntseba bohle, ho qala ka e monyenyane ho qetella ka e moholo.


Rona, re ba Modimo; ya tsebang Modimo o a re utlwa; eo e seng wa Modimo ha a re utlwe; ke kahoo re tsebang moya oo e leng wa nnete, le moya oo e leng wa leshano.


Re a tseba hape hoba Mora Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tsebe Wa nnete; mme re ho Wa nnete, ho Mora wa wona Jesu Kreste; ke yena e leng Modimo wa nnete le bophelo bo sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos