Joele 1:20 - Sesotho 1909/1961 (SO) Esita le diphoofolo tsa naha di lla ho wena, hobane dinoka tsa metsi di pshele, mme mollo o tjhesitse meraka ya lehwatata. BIBELE Dibatana tsa naha di a o bokollela, hobane metsi a dinoka a pshele pshi! Hlaha e tjhesitse le makgulo a lehwatata. |
Akabe a re ho Obadia: Eya le naha didibeng tsohle tsa metsi le melatswaneng yohle; mohla ope re ka fumana jwang, re pholose dipere le diesele, esere ra timellwa ke diphoofolo tsohle.
Ke mang ya baballang lekgwaba ka dijo tsa lona, ha madinyane a lona a hoeletsa ho Modimo, mme a kekella mane le mane ke ho lapa?
Balemi ba hlabiswa dihlong, ba ikgurumeditse dihlooho, hobane naha e maketse, ke hobane pula e sa ne lefatsheng.
Ba porofeta ba bileng teng pele ho nna le pele ho wena, mehleng ya kgale, ba nnile ba porofeta bakeng sa mafatshe a mangata le sa mebuso e meholo hore ntwa le tlala le lefu la sewa di tla ba teng.
Makgomo a fehelwa hakakang! Mehlape ya dikgomo e a hlanya, hobane ha e sa na makgulo; le yona mehlape ya dinku e utlwa bohloko.