Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 28:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ba porofeta ba bileng teng pele ho nna le pele ho wena, mehleng ya kgale, ba nnile ba porofeta bakeng sa mafatshe a mangata le sa mebuso e meholo hore ntwa le tlala le lefu la sewa di tla ba teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ho tloha mehleng ya kgale baporofeta ba bileng teng pele ho nna le pele ho wena, ba nnile ba porofetela dinaha tse ngata le mebuso e matla, ba porofeta ntwa le koduwa le lefu la sewa.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 28:8
25 Referencias Cruzadas  

Yaba Elia wa Thishba, wa ba jakileng Gileade, o re ho Akabe: Ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ya utlwang, eo ke emeng pela hae, ha ho ka ke ha lala phoka, leha e le ho na pula, ka dilemo tsena, haese ka polelo ya ka.


Mikea a re: Ke bone Baiseraele bohle ba qhalane dithabeng, eka dinku tse se nang modisa. Jehova o re: Ha ba na morena; e mong le e mong a boele ha hae ka kgotso.


Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Ho sa na le monna e mong, eo re ka botsang Jehova ka yena, ke Mikea, mora Jimla, empa ke mo hloile, kahobane ha a mporofetele molemo, empa e le bobe. Josafate a re: Morena a se ke a bua jwalo.


Boporofeta hodima Babilona, bo senoletsweng Esaia, mora Amotse:


Ba tla bolaya ba batjha ka metsu, ba ke ke ba hauhela bana ba sa leng popelong, mahlo a bona a ke ke a utlwela ba anyang bohloko.


Ke wona mantswe a Amose, e mong wa badisa ba Tekowa, e leng ditaba tseo a di boneng bakeng sa Iseraele, mehleng ya Osiase, morena wa Juda, le mehleng ya Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele, ha ho sa tla feta dilemo tse pedi, ho ntoo ba tshisinyeho ya lefatshe.


A re: Jehova o tla rora Sione, a phahamise lentswe la hae a le Jerusalema; makgulo a badisa a tla swaba, hlora ya Karmele e omelle.


Lentswe la Jehova la tlela Jonase la bobedi, la re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos