Jobo 10:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Na o ka thaba ka ho nketsa hampe, hore o be o lahle mosebetsi wa matsoho a hao, mme o kganyetse merero ya ba babe na? BIBELE O bona ho le molemo ho nna o nkataka, o nyedisa mmopo wa matsoho a hao, o thabela merero ya ba kgopo? |
o ne o tla bitsa, ke ne ke tla araba, mme o ne o tla hlolohelwa mosebetsi wa matsoho a hao!
Bonang! leseho la bona ha le matsohong a bona. Maikutlo a ba bolotsana a be hole le nna.
Kanthe o ne o tlatsitse matlo a bona ka menono. Maikutlo a ba bolotsana a be hole le nna.
Ka Modimo o phelang, o nkamohileng ho loka ha ka, le ka Ya matla wohle ya hlokofaditseng moya wa ka,
Ha ke re, ya mpopileng popelong, le eo o mmopile na? Na hase wona o re entseng popelong ya mosadi na?
Na modumadumi o sa tseka le Ya matla wohle na? Ya pheileng kgang le Modimo a ke a arabe jwale!
Ho na le taba e le nngwe feela eo ke e tiisang, ke re: O senya ya se nang molato le ya nang le molato.
Lefatshe le neelwa matsohong a ba babe; o sirela mahlo a baahlodi ba lona. Haese wona o etsang hoo, hleka e ka ba mang na?
Le tsebe hobane Jehova ke Modimo! Ke yena ya re entseng, mme re ba hae, re setjhaba sa hae, re mohlape o aloswang ke yena.
Jehova o tla phetha tsohle sebakeng sa ka. Jehova, mohau wa hao ke o sa feleng. O se ke wa tlohela mesebetsi ya matsoho a hao.
Empa jwale, Jehova, o ntata rona; re letsopa, mme wena o Mmopi wa rona; kaofela ha rona re mosebetsi wa matsoho a hao.
Ka baka leo, ba utlwiswang bohloko ka ho rata ha Modimo, ba bee meya ya bona matsohong a wona, kahobane e le Mmopi ya tshepehang, mme ba nne ba tiisetse ho etsa hantle.