Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 21:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Bonang! leseho la bona ha le matsohong a bona. Maikutlo a ba bolotsana a be hole le nna.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Feela katleho ya bona ha e laolwe ke bona; nna ke thoko le dikeletso, keletso tsa ba kgopo.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 21:16
13 Referencias Cruzadas  

Moya wa ka o se ke wa kena lekunutung la bona, bohlophehi ba ka bo se ke ba ikopanya le morero wa bona; hobane bohaleng ba bona ba na ba bolaya batho, mme kgalefong ya bona ba na ba kgaola mesifa ya dipoho.


Ke tswile popelong ya mme ke le feela, mme ke tla kgutlela teng ke le feela; Jehova o ne a neile, o boetse o latile: ho roriswe lebitso la Jehova.


Na o ka thaba ka ho nketsa hampe, hore o be o lahle mosebetsi wa matsoho a hao, mme o kganyetse merero ya ba babe na?


Kanthe o ne o tlatsitse matlo a bona ka menono. Maikutlo a ba bolotsana a be hole le nna.


Ho lehlohonolo motho ya sa lateleng keletso ya bakgopo, ya sa emeng tseleng ya baetsadibe, ya sa duleng mokgatlong wa basomi;


Mora ka, ekare ha baetsadibe ba rata ho o hoka, o se ke wa ba wa dumela.


Tsela ya hao o e fetise hole le yena, o se ke wa atamela monyako wa ntlo ya hae;


Motho ha a na matla a ho busa moya hore a o thibele; ho jwalo, ha a na ho laola letsatsi la lefu, ha ho kamoo ho ka phonyohuwang ntweng eo kateng, le bolotsana ha bo na ho lwela ba bo etsang.


Yaba o e bitsa, a re ho yona: Taba tseo tsa hao tseo ke di utlwang ke dife. Hlahisa tsa bolebedi ba hao; hobane o ke ke wa hlola o eba molebedi wa ntho tsa ka.


Empa Abrahama a re: Ngwana ka, hopola hobane o bone tse monate tsa hao bophelong ba hao; mme ka mokgwa o jwalo, Lasaro o bone tse mpe; jwale yena, o tshediswa mona, empa wena, o utlwiswa bohloko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos