Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 10:3 - BIBELE

3 O bona ho le molemo ho nna o nkataka, o nyedisa mmopo wa matsoho a hao, o thabela merero ya ba kgopo?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Na o ka thaba ka ho nketsa hampe, hore o be o lahle mosebetsi wa matsoho a hao, mme o kganyetse merero ya ba babe na?

Ver Capítulo Copiar




Jobo 10:3
27 Referencias Cruzadas  

“ ‘Kahohlehohle ke bopilwe ke matsoho a hao, empa jwale ke se ke timetswa ke wena!


O no tla mpitsa, nna ke arabele, o hlolohelwe mmopo wa matsoho a hao.


hoo o hlatsetsang kgalefo ya hao ho Modimo, o buang puo tse tjee, ka molomo wa hao?


Modimo o nneeletse ka balotsana, o ntahletse matsohong a batho ba kgopo.


jwale tsebang: Modimo ke yena ya nkentseng hampe, o ntanteletse ka letlowa la hae.


Feela katleho ya bona ha e laolwe ke bona; nna ke thoko le dikeletso, keletso tsa ba kgopo.


Empa ke ka yena matlo a bona a tletseng menono, kahoo nna ke hole le keletso tsa ba kgopo.


“Ka Modimo ya phelang, ya nkamohileng toka, ka Ya Matla wohle, mohlokofatsi wa moya wa ka;


O mphuthuhela o se na mohau, tsoho la hao le matla le a ntwantsha.


Ha ke re Mmopi wa ka ke Mmopi wa bona? Ha ke re ke yena ya re bopileng maleng a bo-mma rona?


Nna ke entswe ke moya wa Modimo, mophefumoloho wa Ya Matla wohle o etsa hore ke phele.


“Na monyatsi a ka phea kgang le Ya Matla wohle? Ya nyatsang Modimo a ke a arabe!”


“Na kahlolo ya ka o tla fela o e hanyetse, ebe o mpea molato, hore o itokafatse?


“Modimo a ke ke a lahla ya se nang molato, kapa a thusa ba etsang bokgopo;


Ke ditshwantshwang feela; ke ka hona ke reng: ‘O timetsa ba lokileng le ba kgopo.’


Lefatshe le matsohong a ba kgopo, o kwahela baahlodi ba lona ka lesira mahlong; haeba e se yena, ebe jwale ke mang?


Tsebang hore Morena ke Modimo, o re bopile, mme re ba hae; re setjhaba sa hae, mohlape wa makgulo a hae.


Morena o tla phetha seo a ntheretseng sona. Morena, mohau wa hao ke wa kamehla yohle; o se lahle mosebetsi wa diatla tsa hao.


Ba eisehang ba tla bona, ba thabe; lona, ba batlang Modimo, betang dipelo.


Leha ho le jwalo, Morena, wena o ntata rona; rona re letsopa, wena o sebopi, bohle re mosebetsi wa matsoho a hao.


Ha ho le jwalo he, ba hlokofatswang ho ya ka thato ya Modimo ba ipee paballong ya Mmopi ya tshepahalang, ka ho etsa tse ntle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos