2 Ke tla re ho Modimo: ‘Se ke be wa nkahlola; mpolelle tseo o nqosang ka tsona.
2 Ke tla re ho Modimo: O se ke wa ntswa, o mpe o mpolelle seo o se tsekang ho nna!
Ke entse makgopo le dibe di le kae? Ako ntsebise tshito tsa ka le sebe sa ka.
“Na ebe ke ipelaetsa ho motho? ho hloka mamello ebe ha ke ho lokele?
Ke ka baka lang ha o phea kgang le yena, o re polelo tsa hao ha a di arabe?
“Na monyatsi a ka phea kgang le Ya Matla wohle? Ya nyatsang Modimo a ke a arabe!”
Haeba ke sitilwe, ke o sinyeditseng? Wena Molebedi wa batho? Ke ka dife o nkentseng pakane ya hao, hoo le nna ke seng ke bile ke itenne?
Kaha ke fumanwe ke le molato, ke hobaneng ha ke sebeletsa lelea?
Haeba motho a ka phea kgang le Modimo, Modimo a ka mmotsa potso di le sekete, motho a pallwa ke ho araba leha e le nngwe.
Empa wena Morena, Morena ka, ako nthusetse ka baka la lebitso la hao, o nnamolele ka baka la mohau wa hao o molemo.
O se ke wa qosa mohlanka wa hao, hobane ho wena ha ho ya lokileng.
Nteballe dibe le ditlolo tsa botjha ba ka, nkgopole ka mohau wa hao.
Ako nkutlwe, Morena, ha ke ipiletsa ho wena; o nkgauhele, o nkarabe.
Jwale he, ba leng ho Kreste ha ba sa tla ahlolwa,