Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 10:1 - BIBELE

1 “Bophelo bona ba ka bo ntenne, kahoo ke tla boledisa tsa ka dipelaelo, ke bue moya wa ka o tubehile.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Pelo ya ka e kgobohelwa ke bophelo ba ka; ha ho le jwalo, e ka kgona ke neele ho dumaduma ha ka sebaka, ke bolele bohloko ba moya wa ka.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 10:1
21 Referencias Cruzadas  

Elia yena a qeta letsatsi a ntse a tsamaya hara lehwatata. A fihla a dula tlasa sehlahla sa tshinabele, a ikopela hore a shwe, a re: “Ho lekane! Oho, Morena, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bo-ntate ka letho!”


“Eka o ka be o mpata Nqalong ya Bafu, o nketsa bofihla, kgalefo ya hao e be e fete! Eka o ka be o mpalla nako, eo ka yona o tlang ho nkgopola!


haeba ke nnete, ke entse phoso, phoso eo ke ya ka, ha e le ame ka letho.


Nakong ya sekoboto o tla o namolela lefung, nakong ya dintwa sabole a e thithibanye bohale.


Ebe le rerile ho nyatsa polelo tsa ka, le re tsa ya tsherehaneng di ya le moya feela?


Ka baka leo, nna nke ke ka kgutsa, ke tla bua pelo ya ka e tshwenyehile, ke ipelaetse pelo ya ka e ngongorehile.


Bophelo bona ba ka bo ntenne, nke ke ka phela kamehla yohle; ako ntese, matsatsi a ka ke mouwane!


“Le hoja ke se na kodi, ke se ke itenne; ke nyedisa bophelo ba ka, ke a bo nyatsa.


Empa jwale ke tla reng? O buile ho nna, sena se entswe ke yena, ke tla ikokobetsa ka lemo tsohle ha ke ntse ke phela, le hoja pelo ya ka yona e le bohloko.


Bohloko ba pelo ya ka bo fetohile pholoho, rato la hao le mphemisitse lemena la timelo, o furaletse dibe tsohle tsa ka.


Ka baka leo, oho, Morena, mpe o mpolaye, hobane ho molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”


Ha letsatsi le tjhaba, Modimo a tsosa moya o tjhesang, o hlahang botjhabela, mme letsatsi la bataola Jonase hloohong, hoo a bileng a akgeha. A itakaletsa lefu, a re: “Ho ka ba molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”


Haeba o nketsa tjena, hlo mpolaye hona jwale, ke a o rapela, haeba o nkgauhetse, e le hore ke se ke ka bona bomadimabe ba ka.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos