2 Ke tla re ho Modimo: O se ke wa ntswa, o mpe o mpolelle seo o se tsekang ho nna!
2 Ke tla re ho Modimo: ‘Se ke be wa nkahlola; mpolelle tseo o nqosang ka tsona.
Makgopo a ka le dibe tsa ka di kae na? O ntsebise tshito ya ka le molato wa ka.
Na le re, ke itlaleha ho batho na? Ebe e tla ba keng ha ke sa fele pelo?
O o tsekisa keng ka ho re, ha o ikarabele diketsong tsohle tsa wona?
Na modumadumi o sa tseka le Ya matla wohle na? Ya pheileng kgang le Modimo a ke a arabe jwale!
Ha ekaba ke entse sebe, ke o entse eng, Molemohi wa batho? O mpeile keng seo o betsang metsu ya hao ho sona, ke be ke fetohe phahlo feela?
Erekaha ke le molato, ke sa ikgathalletsang lefeela?
Le hoja a ka rata ho tseka le wona, a ke ke a ikarabella tabeng e le nngwe ho tse sekete.
Empa wena, Jehova, Morena, o nthuse ka baka la lebitso la hao, hobane lereko la hao le molemo;
o se ke wa isana nyeweng le mohlanka wa hao, hobane ha ho motho ho ba phelang ya ka fumanwang a lokile pela hao.
O lebale dibe tsa botjha ba ka le ditlolo tsa ka!
Jehova, o mamele ha ke howeletsa ka lentswe la ka! O nkgauhele, o be o nkarabe!
Ha ho le jwalo, ha ho sa le tsuo jwale leha e le nngwe ho ba leng ho Jesu Kreste, e leng ba sa tsamayeng ka nama, ba mpang ba tsamaya ka moya.