Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 40:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Na o fela o rata ho senya kahlolo ya ka? O rata ho ntswa hore o itokafatse na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 “Na kahlolo ya ka o tla fela o e hanyetse, ebe o mpea molato, hore o itokafatse?

Ver Capítulo Copiar




Jobo 40:8
20 Referencias Cruzadas  

Na o ka thaba ka ho nketsa hampe, hore o be o lahle mosebetsi wa matsoho a hao, mme o kganyetse merero ya ba babe na?


Athe o ntse o tseba hobane ha ke na molato, le hobane ha ho motho ya ka nnamolelang letsohong la hao.


Bonang, ke hlomahantse taba ya ka, ke tseba hobane ke tla bewa ya lokileng.


Modimo o nneetse matsohong a ba bolotsana, o nkakgetse diatleng tsa ba babe.


le utlwisise hoba ke Modimo o mphallelang, o ntiketse sefing sa wona.


Jwale, banna bao ba bararo ba lesa ho fetola Jobo, hobane e ne e le ya lokileng mahlong a hae.


Yaba ho tuka bohale ba Elihu, mora wa Barakeele, wa Buse, wa ntlo ya Rame; bohale ba hae ba tukela Jobo, hobane a ipeile ya lokileng ho fetisa Modimo;


Ya hloyang ho loka na o ne a ka rena na? Kapa o ka tswa jwang ya nang le ho loka hohle,


Ke sitetswe wena, wena o nnotshi; ke entse ho leng hobe mahlong a hao; ke moo ho loka ha hao ho tla bonahala ha o bua, le hlweko ya hao ha o ahlola.


Hobane Jehova wa makgotla o rerile; ke mang ya ka hanang? Letsoho la hae le otlolohile; ya ka le honyetsang ke mang?


Selekane sa lona le lefu se tla etswa lefeela, kopano ya lona le nqalo ya bafu e ke ke ya tiya; kotlo e tlang jwaloka morwallo ha e fihla, ka yona le tla ba jwaloka hoja le hataketswe ka maoto.


Nkgopotse, re tseke hammoho! Bolela, o tle o bonahale o le ya lokileng!


Ho madimabe ya tsekisanang le Mmopi wa hae; athe ke lengeta hara mangeta a mang a letsopa! Na letsopa le ka re ho ya le bopang: O etsang na? Kapa mosebetsi wa hao o ka bua bakeng sa hao, wa re: Ha o na matsoho na?


Ho se be jwalo! Nnete e be ya Modimo, mme batho bohle ba be leshano, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: O tle o fumanwe o lokile dipolelong tsa hao, mme o tle o hlole mohla o ahlolwang.


Banabeso — ke bua ka mokgwa wa batho — selekane leha e le sa motho, ha se se se tiisitswe, ha ho ya ka se fedisang, leha e le ho se ekeletsa.


Ha ho le jwalo, seo ke se bolelang, ke hoba selekane se tiisitsweng pele ke Modimo hodima Kreste, molao o tlileng kamora dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo ha o a ka wa se fedisa hore pallo e fetohe lefeela.


Efela molao wa pele o tlositswe, kahobane o ne o fokola, o sa thuse letho — hobane molao ha o a ka wa phetha letho — mme ho kenntswe bakeng sa wona tshepo e fetisang, eo re atamelang Modimo ka yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos