9 A o na le letsoho le kang la Modimo? Lentswe la hao na le ka duma jwaloka la wona na?
9 Na tsoho la hao le tshwana le la Modimo, hoo o ka kirietsang ka ntswe le kang la hae?
Na o tla ntwantsha ka matla wohle a wona? Tjhe, le hanyenyane! o tla nkela hloko feela.
Utlwang! utlwang ho duma ha lentswe la wona, le modumo o tswang molomong wa wona!
Kelellong o bohlale, matleng o matla ho fetisa; ke mang ya ka hanyetsanang le wona, a pholoha?
Lentswe la Jehova le duma hodima metsi; Modimo wa kganya o dumisa seaduma sa wona; Jehova o utlwahala hodima metsi a maholo.
Lentswe la Jehova le matla, lentswe la Jehova le kganya ka boholo!
O thumakantse Egepeta jwaloka motho ya bolailweng, o hasantse dira tsa hao ka letsoho la hao le matla.
Matla a dutse letsohong la hao, seatla sa hao se tiile, letsoho le letona la hao le phahamile.
Binelang Jehova sefela se setjha, hobane o entse dintho tse mehlolo; seatla sa hae se setona le letsoho la hae le halalelang di hlotse dira tsa hae.
Letsoho la hao le letona, Jehova, le tumile ka matla a lona; tsoho la hao le letona, Jehova, le thuhakantse sera.
Ho madimabe ya tsekisanang le Mmopi wa hae; athe ke lengeta hara mangeta a mang a letsopa! Na letsopa le ka re ho ya le bopang: O etsang na? Kapa mosebetsi wa hao o ka bua bakeng sa hao, wa re: Ha o na matsoho na?
Jehova o bonahaditse letsoho la hae le halalelang mahlong a ditjhaba kaofela, mme dipheletso tsohle tsa lefatshe di tla boha poloko ya Modimo wa rona.
Ke o tjhehetse sefi, mme o tshwerwe, Babilona, o sa tsebe; o bile wa fumanwa, o tshwasitswe, hobane o lwantshitse Jehova.
Modumo wa dipheo tsa dikerubime wa utlwahala le lebaleng le kantle, o ka lentswe la Modimo o matla wohle, ha o bua.
Re rata ho bouledisa Morena na? Hleka re mo fetisa ka matla na?
E le hore tjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe letsoho la Jehova hobane le matla, le hore le tshabe Jehova, Modimo wa lona, kamehla.