Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 40:8 - BIBELE

8 “Na kahlolo ya ka o tla fela o e hanyetse, ebe o mpea molato, hore o itokafatse?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Na o fela o rata ho senya kahlolo ya ka? O rata ho ntswa hore o itokafatse na?

Ver Capítulo Copiar




Jobo 40:8
20 Referencias Cruzadas  

O bona ho le molemo ho nna o nkataka, o nyedisa mmopo wa matsoho a hao, o thabela merero ya ba kgopo?


Wena o a tseba ho nna bokgopo ha bo yo, mme ha ho ya ka ntopollang matsohong a hao.


Bonang jwale, nyewe ya ka ke e radile, ke a tseba ke tla fumanwa ke se molato.


Modimo o nneeletse ka balotsana, o ntahletse matsohong a batho ba kgopo.


jwale tsebang: Modimo ke yena ya nkentseng hampe, o ntanteletse ka letlowa la hae.


Banna ba bararo bana ba kgaotsa ho araba Jobo, hobane o ne a itadima a lokile.


Jwale kgalefo ya Elehu, mora wa Barakele, ya tswang Buse, wa lelapa la Rama, ya tlokoma. Kgalefo ya hae ya tlokomela Jobo, hobane Jobo o ne a re ke yena ya lokileng, Modimo ke yena ya phoso.


Na ya hloileng toka, ho busa a ka ho tseba? Kapa o ahlola Ya Matla, Ya Lokileng?


Ntlhatswisise bokgopo ba ka, o ntlhwekise sebe sa ka;


Morena wa mabotho o sa rerile; ebe ke mang ya ka thibelang? Letsoho la hae le se le phahame; ke mang ya ka le kgutlisang?


Selekane sa lona le lefu se tla fediswa, tumellano ya lona le Nqalo ya Bafu e fediswe. Mohla koduwa e tshabehang e welang lefatshe, e tla le wela hodimo, e le hatakele.


“Ako nkgopotse tse fetileng, re phehisane kgang ka tsona; bolela kamoo o hlokang molato kateng.


“Ho madimabe ya tsekisanang le Mmopi wa hae, yena e leng lengetana hara mangetana! Na letsopa le ka re ho sebopi sa lona: ‘O etsang?’ Na mosebetsi wa hao o ka re: ‘Ha o na tsebo’?


Le kgale! Batho bohle ba leshano, athe Modimo o na le nnete, jwalokaha ho ngotswe ka yena, ho thwe: “O tla fumanwa o lokile dipolelong tsa hao, o tla hlola nyewe ha o qoswa.”


Bana beso, a nke ke le nee mohlala wa se etswang ke batho. Ha ho ananetswe selekane le motho, ha ho ya ka se etsollang kapa a eketsa ho hong ho sona.


Seo ke se bolelang ke sena: Molao o ileng wa etswa kamora dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, o ke ke wa etsolla selekane se ananetsweng pele ke Modimo, mme wa nyopisa tshepiso.


Ka nqe nngwe Molao wa pele o ile wa fediswa ka baka la ho fokola le ho hloka thuso ha wona,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos