2 Na modumadumi o sa tseka le Ya matla wohle na? Ya pheileng kgang le Modimo a ke a arabe jwale!
2 “Na monyatsi a ka phea kgang le Ya Matla wohle? Ya nyatsang Modimo a ke a arabe!”
Ke tla re ho Modimo: O se ke wa ntswa, o mpe o mpolelle seo o se tsekang ho nna!
Empa nka rata ho bua le Ya matla wohle, nka lakatsa ho kena tsekong le Modimo;
Ke be ke tla hlomahanya taba ya ka pela wona, ke tlatse molomo wa ka ka ditaba!
Ka Modimo o phelang, o nkamohileng ho loka ha ka, le ka Ya matla wohle ya hlokofaditseng moya wa ka,
Ya madimabe o neelwang lesedi, ya hlomohileng pelo o neelwang bophelo,
Ho tswetswe keng motho ya timeletsweng ke tsela ya hae, eo Modimo o mo patisang kahohle?
ho nna o fetohile sera se se nang mohau, o ntwantsha ka letsoho la hao le matla;
Hola ke na le ya nkutlwang! Bonang, tiiso ya letsoho la ka ke ena! Hola Ya matla wohle a ka mphetola! Hola lengolo le le teng la ya nqosang molato!
O o tsekisa keng ka ho re, ha o ikarabele diketsong tsohle tsa wona?
Jwale, o itlame letheka jwaloka monna, ke tle ke o botse, mme o nthute.
Jehova a boela a bua le Jobo, a re:
Yaba Jobo o arabela Jehova, a re:
Na ke lewatle, kapa, a ke drakone, ha o beile balebedi ho ntebela na?
Le hoja a ka rata ho tseka le wona, a ke ke a ikarabella tabeng e le nngwe ho tse sekete.
Se leng teng se se se kile sa rewa lebitso; haele motho, ho tsejwa seo a leng sona, le kamoo a ke keng a tsekisana le ya mo fetang ka matla kateng.
O eletsane le mang hore a tsebisise? Ke mang ya mo rutileng tsela ya ho loka, ya mo rutileng bohlale, ya mmontshitseng tsela ya kelello?
Ya mpeang ya lokileng o haufi. Ya ka ntsekisang ke mang? A re itlhahiseng hammoho! Mohanyetsi wa ka ke mang? A atamele ho nna!
Ke o tjhehetse sefi, mme o tshwerwe, Babilona, o sa tsebe; o bile wa fumanwa, o tshwasitswe, hobane o lwantshitse Jehova.
Na le reng, ha le bolela polelo ya maele naheng ya Iseraele, e reng: Bontata bana ba jele morara o bodila, mme meno a bana a thella?
Ha ba e nkile, ba kganana ho monga ntlo,
Re rata ho bouledisa Morena na? Hleka re mo fetisa ka matla na?
Hobane ke mang ya tsebileng kgopolo ya Morena a tle a mo rute? Empa rona, re tsebile kgopolo ya Kreste.