La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jeremia 6:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Tsohang, re nyoloheleng ho yena bosiu, re senye diqhobosheane tsa hae.

Ver Capítulo

BIBELE

Emang ke hona, re futuheng bosiu, qhobosheane tsa hae re di thuakanye!’ ”

Ver Capítulo



Jeremia 6:5
12 Referencias Cruzadas  

Ba tjhesa ntlo ya Modimo, ba heletsa lerako la Jerusalema; ba tjhesa le matlo wohle a teng a moreneng, ba timetsa ntho tsohle tsa teng tsa bohlokwa.


Matlung a teng a borena, Modimo o ipontshitse hoba ke qhobosheane.


Hobane matlo a borena a tla tlohelwa, motse wa lerata o tla fetoha lesupi; leralla le tora ya sebohodi e be mahaha ka ditshiu le ditshiu, e be thabo ya dipitsi tsa naha le makgulo a mehlape,


Empa ha le hana ho nkutlwa, ha ke le laela ho boloka letsatsi la Sabatha, le ho se jare diphahlo, le ho se di kenye ka menyako ya Jerusalema ka tsatsi la Sabatha, ke tla besa mollo menyakong ya motse, o tle o tjhese matlo a borena a Jerusalema, mme ha o ka ke wa tingwa.


A tjhesa ntlo ya Jehova, le ntlo ya morena, le matlo wohle a Jerusalema, a tjhesa matlo a maholo kaofela ka mollo.


Eitse hobane motse o phunngwe, bahlabani kaofela ba baleha; ba tswa motseng ka bosiu, ka kgoro e mahareng a marako a mabedi a serapeng sa morena; Bakalde ba ne ba ntse ba thibeletse motse; yaba ba ya ka tsela ya lehwatata.


Hobane lefu le tlolela ka difensetere tsa rona, le kena matlung a kgabileng, ho tla bolaya bana seterateng, le bahlankana mapatlelong.


Iseraele o lebetse Mmopi wa hae, o hahile matlo a borena; le Juda o atisitse ho haha metse e matla; empa ke tla romela mollo metseng ya bona, o tjhese matlo a bona a borena.


ke tla akgela mollo Juda, o tle o tjhese matlo a borena a Jerusalema.


Tshenolo ya Obadia. Morena Jehova o bolela tsena hodima Edomo, o re: Re utlwile taba e tswang ho Jehova, mme lenqosa le romilwe hara ditjhaba, le re: Tsohang! A re tsoheng ho mo futuhela!


Lebanone, bula dikgoro tsa hao, mollo o tle o tjhese dikedare tsa hao.