Empa ha le hana ho nkutlwa, ha ke le laela ho boloka letsatsi la Sabatha, le ho se jare diphahlo, le ho se di kenye ka menyako ya Jerusalema ka tsatsi la Sabatha, ke tla besa mollo menyakong ya motse, o tle o tjhese matlo a borena a Jerusalema, mme ha o ka ke wa tingwa.
Hobane ke emisetsa motse ona sefahleho sa ka ka bobe, e seng ka botle, ho bolela Jehova; o tla neelwa matsohong a morena wa Babilona, hore a tle a o tjhese ka mollo.
Iseraele o lebetse Mmopi wa hae, o hahile matlo a borena; le Juda o atisitse ho haha metse e matla; empa ke tla romela mollo metseng ya bona, o tjhese matlo a bona a borena.
Ke tla rapalatsa ntlo ya mariha hodima ntlo ya lehlabula; matlo a kgabisitsweng ka manaka a tlou a tla timela, ho fediswe le matlo a mangata: ho itswalo ke Jehova.
Ke ena pono eo Morena Jehova a neng a ntlhahisetse yona. Bonang, Morena Jehova a bitsa mollo ho kgalemela ka wona; wa qeta bodiba bo boholo, wa qala ho tjhesa le lefa la Jehova.