Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 11:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Lebanone, bula dikgoro tsa hao, mollo o tle o tjhese dikedare tsa hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Wena Lebanone, bula menyako ya hao, mollo o tlo tjhese kedare tsa hao!

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 11:1
14 Referencias Cruzadas  

Wena, moahi wa Lebanone ya ahileng difateng tsa kedare, o tla bobola hakakang, mohla tlokotsi e o hlahelang le tsietsi e kang ya mobelehi.


Bona, Assiria e ne e le kedare ya Lebanone, e ntle mahlomeleng a yona, e etsetsang moru moriti, e telele ho holeng ha yona, eo ntlha ya yona e neng e bonahala hara maru.


Hobane bolotsana bo entsweng Lebanone bo tla o apesa, le tshenyo e bileng ya tshosa diphoofolo. Ho tla ba jwalo ka baka la madi a batho, le ka baka la ho tsohela lefatshe matla, le motse le bohle ba ahileng ho wona.


Kahobane o lobetse ditjhaba tse ngata, masala wohle a ditjhaba a tla o lobela, ka baka la madi a batho, le ka baka la ho tsohela lefatshe matla, le motse, le bohle ba ahileng ho wona.


Hlwellang thabeng, le tlise difate, le hahe ntlo, mme ke tla e thabela, ke be ke itlotlise, ho bolela Jehova.


Ke tla ba kgutlisa naheng ya Egepeta le Assiria, ke ba phuthe, ke ba tlise naheng ya Gileade le Lebanone, mme sebaka se ke ke sa ba lekana.


Bokolla, kiprese, hobane kedare e wele, hobane difate tse phahamileng di sentswe. Bokollang, lona dieike tsa Bashane, hobane moru o sa kenweng o dihilwe!


Ka tsatsi leo, ke tla fetola mahosana a Juda, a be jwaloka sebopi sa mollo hara dipatsi, le jwaloka serumula sa mollo hara mangata a koro, mme a tla ja ka ho le letona le ka ho le letshehadi ditjhaba tsohle tse kamathoko; haele Jerusalema, o tla nne a dule setsheng sa hae, Jerusalema.


Hobane mollo o hoteditswe kgalefong ya ka, mme o tla tjhesa ho isa tlase nqalong ya bafu; o tla tjhesa lefatshe le tse behwang ke lona, o tjhese le metheo ya dithaba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos