Wena moahi ya phelang Lebanone, ya phelang tlung e hahilweng ka dikedare, o tla dumaela hakae ha mahlaba a o fihlela, mahlaba a kang a mosadi, mosadi a kena tlung!
Bona Asiria eo e ne e le kedare ya Lebanone, e makala a matle, a thathaletseng; e ne e phahame haholo, e fihla marung, e tswile ka mahetla hara mahlaku a teteaneng.
Tshenyo e entsweng Lebanone e tla o timetsa, polao ya dibatana tsa yona e tla o tshosa, hoba madi a batho a tsholotswe ke wena, wa senya naha, le motse wa o ripitla, baahi bohle ba wona wa ba timetsa.
Kaha o tlatlapile ditjhaba tse ngata, masalla a tsona le wona a tla o tlatlapa, hobane o tsholotse madi a batho, o sentse dinaha, le metse wa e ripitla, le baahi bohle ba yona wa ba timetsa.
Ke tla ba kgutlisa naheng ya Egepeta, ke ba phuthe, ba kgutle Asiria. Ke tla ba tlisa Gileade, ke ba tlise le Lebanone, ho fihlela naha tseo di sa ba lekane.
Wena fate sa phaena, bokolla, o lle hobane kedare e robehile, difate tse bohehang di suhlamane! Lona eike tsa Bashane bokollang hobane moru o opaneng o kgethutswe!
“Mohla tsatsi leo, ke tla fetola baholo ba Juda, ke ba etse pitsa e hlenneng hara tetema ya mollo, e ke serumola se tukang hara mangata a koro. Ba tla bolaya ditjhaba tsohle tse e potapotileng, empa Jerusalema yona e tla sala e ntse e ena le baahi moo e leng teng.