Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Dipesaleme 48:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Matlung a teng a borena, Modimo o ipontshitse hoba ke qhobosheane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Thaba ya Sione e a kgahleha, e kgahleha ka bophahamo ba yona, e thabisa lefatshe lohle; e ka leboya ho motse wa Kgosi e kgolo.

Ver Capítulo Copiar




Dipesaleme 48:3
14 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, Davida a kena qhobosheane ya Sione; ke wona motse wa Davida.


Eitse ha Jehova a bona hobane ba ikokobeditse, lentswe la Jehova la tlela Shemaia, la re: Ba ikokobeditse, nke ke ka ba timetsa; ke se ke tla etsa hore ba phonyohe, mme kgalefo ya ka ha e ka ke ya tshollelwa hodima Jerusalema ka Shishake;


Ba itshepetseng Jehova ba jwaloka thaba ya Sione e ke keng ya sisinyeha, e tiileng ka ho sa feleng.


Ba ntlo ya Levi, bokang Jehova! Lona ba tshabang Jehova, bokang Jehova! Jehova ya ikaheletseng Jerusalema a ke a bokwe Sione! Bokang Jehova!


Jehova wa makgotla o na le rona, Modimo wa Jakobo ke qhobosheane ya rona! (Sela.)


Sione, botleng bo phethehileng, Modimo o bonahatsa kganya ya wona;


Thatohatsi ya ka, o motle jwaloka Thirtsa, o lakatseha jwaloka Jerusalema; le teng o tshabeha jwaloka makgotla a hlometseng tlasa difolaga tsa wona.


Bohle ba fetang ka tsela ba opa ka diatla bakeng sa hao, ba soma, ba sisinya dihlooho bakeng sa moradi wa Jerusalema, ba re: A ke oo motse oo ba neng ba o bitsa botle bo phethehileng, thabo ya lefatshe lohle?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios