Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Obadia 1:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Tshenolo ya Obadia. Morena Jehova o bolela tsena hodima Edomo, o re: Re utlwile taba e tswang ho Jehova, mme lenqosa le romilwe hara ditjhaba, le re: Tsohang! A re tsoheng ho mo futuhela!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ena ke pono ya Obadiya. Morena Modimo o bua tjena ka Edomo: Re utlwile molaetsa o tswang ho Morena, leqosa le rometswe ho baditjhaba, le re: “Emang, re futuheleng Edomo!”

Ver Capítulo Copiar




Obadia 1:1
28 Referencias Cruzadas  

Yaba Esau o re ho Jakobo: Ako mphe hle, ke je bofubedu boo, hobane ke kgathetse. Ke ka baka leo a reilweng lebitso la Edomo.


Yaba Esau o ya aha thabeng ya Seire. Esau ke yena Edomo.


Meloko ya Esau, ntata Baedomo, thabeng ya Seire, ke yona ena.


Jehova, o elellwe bana ba Edomo, kamoo ba itseng letsatsing la Jerusalema kateng: Qhaqhollang, qhaqhollang ho isa metheong ya hae!


Boporofeta hodima Duma: Mohoo o tswang Seire o fihlile ho nna, o re: Sebohodi, nako ya bosiu ke efe? Sebohodi, nako ya bosiu ke efe?


Sebohodi se re: Meso e a hlaha, ho ntoo ba bosiu. Ha le rata ho botsa, botsang! Sokolohang, le boye.


Leha baholo ba Juda ba se ba fihlile Tsowane, le manqosa a hae a se a le Hanese,


Yaba ke nka senwelo letsohong la Jehova, ka nosa ditjhaba tsohle tseo Jehova a nthometseng ho tsona:


Edomo, le Moabe, le bana ba Ammone;


Pelo tsa lona di se ke tsa eba boi, le se ke la tshaba matsoso a tlang ho utlwahala lefatsheng, hobane selemong se seng letsoso le tla tla, mme hamorao, selemong se seng, letsoso le leng le tla ba teng, le botubo lefatsheng, e le morena e mong ya lwantshang morena e mong.


Yaba lentswe la Jehova le ntlela, la re:


Egepeta o tla fetoha nahathothe, Edomo e be sebataolo, kahobane ba tsohetse bana ba Juda matla, ba tsholotse madi a se nang molato naheng ya bona.


Mophunyatsela o tla tsamaya kapele ho bona, ba tla phunya, ba tlole ka monyako ba be ba tswe ka wona; morena wa bona o tla ba etella pele, Jehova e be yena sehlooho sa bona.


Le tla utlwa dintwa le medumo ya dintwa; le mpe le bone hore le se ke la tshoha; tseo tsohle e ka kgona di etsahale, empa le moo ha e eso ho be bona bofelo.


Mohla le utlwang dintwa le medumo ya dintwa, le se ke la tshoha; hobane e ka kgona hoo ho etsahale; empa le moo ha e eso ho be bona bofelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos