Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Obadia 1:1 - BIBELE

1 Ena ke pono ya Obadiya. Morena Modimo o bua tjena ka Edomo: Re utlwile molaetsa o tswang ho Morena, leqosa le rometswe ho baditjhaba, le re: “Emang, re futuheleng Edomo!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Tshenolo ya Obadia. Morena Jehova o bolela tsena hodima Edomo, o re: Re utlwile taba e tswang ho Jehova, mme lenqosa le romilwe hara ditjhaba, le re: Tsohang! A re tsoheng ho mo futuhela!

Ver Capítulo Copiar




Obadia 1:1
28 Referencias Cruzadas  

Yaba Esau o re ho Jakobo: “Ako mphe ntho e kgubedu eno, ntho e kgubedu eno hle, ke je, hobane ke lapile haholo!” Ke ka baka leo a reilweng lebitso la Edomo.


Yaba Esau o aha dithabeng tsa Seire. Esau ke Edomo.


Lena ke leloko la Esau, eo e leng ntata Baedomo ba phelang dithabeng tsa Seire.


Morena, ako hopole, ako hopole bana ba Edomo, mohla letsatsi la Jerusalema, ha ba ne ba re: “E heletseng, e heletseng, ho isa metheong ya yona!”


Bona ke boporofeta malebana le Duma: Ke howeletswa ke motho a le Seire, o re: “Sebohodi, ekaba bosiu bo tla sa neng? Sebohodi, ekaba bosiu bo tla sa neng?”


Sebohodi sa araba, sa re: “Tsatsi le tla tjhaba, ho boele ho phirime. Ha le rata ho botsa, botsang! Le boele le kgutle le tlo botsa hape!”


Leha mahosana a bona a se a le Sowane, maqosa a bona a sa fihlile Hanese,


Yaba ke nka senwelo se ka letsohong la Morena, ke se nwesa ditjhaba tsohle tseo Morena a nthommeng ho tsona,


le Edomo, le Moabe, le bana ba Amone,


Pelo tsa lona di se ke tsa nyahama, taba tsa bo-fuufu di se ke tsa le tshosa, taba tsa bofuufu tse tletseng hara naha. Jwalokaha dilemo di hlahlamana, tsa bofuufu le tsona di a hlahlamana; naha e ferekantswe ke moferefere, babusi le bona ba a suthisana.


Lentswe la Morena la fihla ho nna hape, la re:


“Egepeta e tla fetoha nanaola, Edomo yona e fetohe lefeella, hobane tjhaba sa Juda se ile sa hlekefetswa, madi a sona a tshollwa a se na molato.


Pulamadiboho e tla ba etella pele; ba tla roba mekwallo ya kgoro, ba itsamaele. Kgosi ya bona e tla tswa pele ho bohle, ka sehloohong sa bona Morena a itlhomme.”


Le tla utlwa mekgosi ya dintwa le madume a dintwa. Hlokomelang, le se ke la tshoha. Hona eka kgona ho etsahale, empa ha e eso be bofelo.


Ha le utlwa mekgosi ya dintwa le madume a dintwa, le se ke la tshoha. Hona eka kgona ho etsahale, empa ha e eso be bofelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos