Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 9:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ke tla ba hloma naheng ya bona, mme ha ba sa tla hlola ba tloswa naheng ya bona, eo ke ba neileng yona: ho bolela Jehova, Modimo wa hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Ke tla tsitsisa Baiseraele naheng ya bona, ke ba tsitsise, ba se hlole ba tloswa, naheng eo ke ba abetseng yona,” ho rialo Morena Modimo wa lona.

Ver Capítulo Copiar




Amose 9:15
16 Referencias Cruzadas  

O lelekisitse ditjhaba ka letsoho la hao, hore o ba bee tulong tsa tsona; wa fedisa ditjhaba, hore o ba atise.


O ne o fothole morara Egepeta, wa lelekisa ditjhaba, mme wa o hloma;


Setjhaba sa hao etlaba sa ba lokileng feela, ba tla rua lefatshe ka ho sa feleng; ke lehlomela leo ke le hlomileng, ke mosebetsi wa kganya ya ka.


Ba mpa ba tla re: Jehova o a phela ya nyolotseng bana ba Iseraele lefatsheng la Leboya le mafatsheng wohle, moo a neng a ba qhalanyeditse teng; mme ke tla ba busetsa lefatsheng leo ke le neileng bontata bona.


Empa ba tla re: Jehova o a phela ya nyolotseng, ya busitseng merabe ya ntlo ya Iseraele lefatsheng la Leboya, le mafatsheng wohle moo ke neng ke ba hasanyeditse teng, mme ba tla ikahela lefatsheng la bona.


Ke tla ba tadima ka leihlo le letle, ke ba busetse lefatsheng lena, ke ba ahise, ke se ke ka ba senya; ke ba hlome, ke se ke ka ba epolla.


Mehleng eo, ntlo ya Juda e tla tsamaya le ntlo ya Iseraele; ba tla tswa hammoho lefatsheng la Leboya, ho ya lefatsheng leo ke le ruisitseng bontata lona.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ho sa tla rekwa matlo, le masimo, le masimo a merara lefatsheng lena.


o re: Bonang ke tla ba bokella mafatsheng wohle moo ke ba qhalanyeditseng teng ka bohale ba ka, le ka kgalefo ya ka, le ka hlwenyo e kgolo ya ka; ke tla ba busetsa nqalong ena, ke ba ahise ka boiketlo.


Ke tla ithabella bona ho ba etsa hantle; ke ba hlome lefatsheng lena kannete, ka pelo ya ka yohle le ka moya wa ka wohle.


ke busetse ba hapilweng ba Juda le ba hapilweng ba Iseraele, ke boele ke ba ahise jwaloka mehleng ya pele.


Ha ba sa tla rusollwa ke ditjhaba; dilalome tsa naha ha di sa tla ba ja, ba mpa ba tla aha ka boiketlo, ho se e mong ya ba tshosang.


mme o tla re ho bona: Morena Jehova o re: Bonang, ke tla ya nka bana ba Iseraele ditjhabeng tseo ba ileng ho tsona, ke ba phuthe ka nqa tsohle, ke ba busetse naheng ya bona.


Ba tla aha lefatsheng leo ke neng ke le nee mohlanka wa ka Jakobo, leo bontata lona ba neng ba ahe ho lona: ba tla aha ho lona, e le bona, le bara ba bona, le ditloholo tsa bona kamehla; mme mohlanka wa ka Davida e tla ba morena wa bona kamehla.


Empa Juda o tla hlola ka ho sa yeng kae, le Jerusalema, ho isa melokong ya meloko.


Ba tla dula e mong le e mong katlasa feiye ya hae le katlasa morara wa hae, ho se ya ba tshosang, hobane molomo wa Jehova wa makgotla o boletse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos