Amose 9:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)14 Ke tla lokolla setjhaba sa ka sa Iseraele kgolehong ya sona, mme ba tla tsosa metse e senyehileng, ba ahe ho yona; ba tla hloma masimo a merara, ba nwe veine ya wona; ba tla hloma le dirapa tsa difate, ba je le ditholwana tsa tsona. Ver CapítuloBIBELE14 Ke tla kgutlisa tjhaba sa ka sa Iseraele, ke kgutlise tjhaba sa ka bothopuweng; se tla tsosa metse e se e le masupi, se e tsose, se phele ho yona. Se tla lema dirapa tsa morara, se di leme, se nwe veine ya wona; se tla lema dirapa, se je tholwana tsa tsona. Ver Capítulo |
ho sa tla utluwa teng lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le lentswe la ba reng: Lebohang Jehova wa makgotla, hobane Jehova o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng, ha ba ntse ba tlisa diteboho tsa bona tlung ya Jehova. Hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba lefatshe lena, ba be jwaloka mehleng ya pele, ho bolela Jehova.