2 Bona, ke o entse e monyenyane hara ditjhaba, o nyediswa haholoholo.
2 “Wena Edomo, ke tla o nyenyefatsa, ke o nyenyefatse hara baditjhaba, ba tle ba o nyope, ba o nyedise.
Jehova wa makgotla ke yena ya rerileng taba eo, a tla fokotse kganya ya boholo bohle, le ho apesa bohle ba hlomphuwang lefatsheng ka nyatso.
Hobane bona, ke ya o etsa e monyenyane hara ditjhaba, le ya nyediswang hara batho.
O tla nyenyefala ho feta mebuso e meng, mme ha o sa tla phahamela ditjhaba; ke tla ba qephisa, hore ba se hlole ba rena hodima ditjhaba.
Eo e leng sera ho nna a ke a tadime, a apeswe ke dihlong, yena ya reng ho nna: Jehova, Modimo wa hao, o kae na? Mahlo a ka a tla kgolwa ke kotsi ya hae; jwale, o tla hatakelwa jwaloka seretse sa mmila!
Edomo ke leruo la hae; Seire, sera sa hae, o ruuwa ke yena, mme Iseraele o hlahisa bonatla ba hae;