Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 17:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Empa ha le hana ho nkutlwa, ha ke le laela ho boloka letsatsi la Sabatha, le ho se jare diphahlo, le ho se di kenye ka menyako ya Jerusalema ka tsatsi la Sabatha, ke tla besa mollo menyakong ya motse, o tle o tjhese matlo a borena a Jerusalema, mme ha o ka ke wa tingwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Empa haeba le sa mmamele, le sa halaletse letsatsi la Sabatha, le kena ka dikgoro tsa motse wa Jerusalema le nkile thoto ka letsatsi la Sabatha, dikgorong tseo tsa Jerusalema ke tla besa mollo o ke keng wa tingwa, o tla tjhesa matlo a dikgosi tsa Jerusalema.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 17:27
43 Referencias Cruzadas  

Erekaha ba mphuraletse, ba tjheseditse medimo esele dibano, hore ba nkgalefise ka mesebetsi yohle ya matsoho a bona, ka baka leo, kgalefo ya ka e tuketse motse ona, mme ha e na ho tingwa.


A tjhesa ntlo ya Jehova, le ntlo ya morena, le matlo wohle a Jerusalema; a tjhesa le matlo wohle a maholo.


Ba tjhesa ntlo ya Modimo, ba heletsa lerako la Jerusalema; ba tjhesa le matlo wohle a teng a moreneng, ba timetsa ntho tsohle tsa teng tsa bohlokwa.


Kgotso a e ke e be marakong a hao, le boiketlo matlung a hao a borena.


empa ha le ikganela, le ikgantsha, le tla jewa ke lerumo; hobane molomo wa Jehova o boletse.


Morui o tla fetoha twala, mosebetsi wa hae e be hlase ya mollo, ba tla tjha hammoho, ya ba timang o tla hlokahala.


Ekare ha le nkutlwa, ho bolela Jehova, le sa tsamaise phahlo ka menyako ya motse ona ka tsatsi la Sabatha, le sa etse mosebetsi leha o le mong ka lona,


Ka molato wa hao o tla senyehelwa ke lefa leo ke neng ke o neile lona; ke tla o etsa mofo wa bao e leng dira ho wena, lefatsheng leo o sa le tsebeng, hobane le tukisitse mollo wa kgalefo ya ka, o ya nne o tjhese ka ho sa feleng.


Ke lena lentswe le tlileng ho Jeremia le etswa ho Jehova, la re:


Lona ntlo ya Davida, Jehova o re: Etsang kahlolo e lokileng ka hosasa ho hong le ho hong, le namolele mofutsana matsohong a ya mo tubang, esebe kgalefo ya ka e ka tswa jwaloka mollo, e a tjhesa, mme ho se be ya ka e timang ka baka la bolotsana ba diketso tsa lona.


Empa ke tla le otla ka ho lekanya diketso tsa lona, ho bolela Jehova; mme ke tla tukisa mollo morung wa lona, hore o ye o fedise mathoko wohle.


Empa ha le sa mamele mantswe ana, ke hlapanya ka nna, ho bolela Jehova, hobane ntlo ena e tla be e etswe lesupi.


Bakalde ba lwantshang motse ona, ba tla kena, ba tjhese motse ona, ba o tjhese ka mollo, le wona matlo ao ba tjheseditseng Baale dibano hodima wona, mme ba tsholetse teng medimo esele dino, ba tle ba mphephetse.


Bakalde ba tjhesa ntlo ya morena le matlo a ba setjhaba ka mollo, ba heletsa le marako a Jerusalema.


Haele lentswe leo o re bolellang lona ka lebitso la Jehova, re ke ke ra o utlwa.


Ke tla besa mollo marakong a Damaseka, ke tle ke fedise diqhobosheane tsa Ben-Hadade.


A tjhesa ntlo ya Jehova, le ntlo ya morena, le matlo wohle a Jerusalema, a tjhesa matlo a maholo kaofela ka mollo.


Ke beile ho lona dibohodi tse reng: Mamelang lentswe la terompeta. Ba mpa ba re: Ha re na ho mamela.


Ka baka leo, ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, bohale ba ka le kgalefo ya ka e tla tshollelwa nqalo ena, le batho, le dikgomo, le difate tsa naha, le ditholwana tsa naha; e tla nne e tjhese, e sa tingwe.


O rutlolotse motero wa hae jwaloka ha ho etswa serapa; o fedisitse nqalo ya diphutheho tsa hae; Jehova o lebadisitse Sione mekete le Disabatha, a nyedisa marena le baprista ka kgalefo ya hae e tukang.


Jehova o phethile kgalefo ya hae, o tsholotse bohale bo tjhesang ba hae, mme hara Sione o besitse mollo o jeleng metheo ya hae.


Ba tla tjhesa matlo a hao ka mollo, ba o otle ka dikahlolo pontsheng ya basadi ba bangata; ke tla etsa hore o phetse ho ba seotswa, mme ha o sa tla nea ba bang moputso.


Ke hore dipelo di tle di qhibidihe, dikgopiso di tle di be ngata dikgorong tsa metse yohle, ha ke romela kgalemelo ya lerumo. Jo! le etseditswe ho hadima, le leoleditswe ho bolaya.


Ere ho naha ya Iseraele: Jehova o re: Bona, ke tla ho wena, ke tla pshemola lerumo la ka selateng, ke kgaole ba lokileng le ba babe ba ho wena.


O nyedisa dihalalelo tsa ka, o silafatsa disabbatha tsa ka.


Hape, ba nketseditse ho hong: ba silafaditse sehalalelo sa ka tsatsing leo, ba silafaditse le disabbatha tsa ka.


Iseraele o lebetse Mmopi wa hae, o hahile matlo a borena; le Juda o atisitse ho haha metse e matla; empa ke tla romela mollo metseng ya bona, o tjhese matlo a bona a borena.


ke tla akgela mollo kahara lerako la Tire, o tle o tjhese matlo a teng a borena.


ke tla akgela mollo Themane, o tle o tjhese matlo a borena a Botsra.


ke tla hotetsa mollo kahara lerako la Rabba, o tle tjhese matlo a teng a borena hara mokgosi, tshiung ya ntwa, hara ditsokotsane, tsatsing la sefefo.


ke tla akgela mollo tlung ya Hasaele, o tle o tjhese le matlo a borena a Ben-Hadade.


ke tla akgela mollo hara lerako la Gasa, o tle o tjhese matlo a teng a borena;


ke tla akgela mollo Moabe, o tle o tjhese matlo a borena a Keriothe, mme Moabe o tla timela moferefereng oo hara mokgosi le modumo wa terompeta;


Hobane mollo o hoteditswe kgalefong ya ka, mme o tla tjhesa ho isa tlase nqalong ya bafu; o tla tjhesa lefatshe le tse behwang ke lona, o tjhese le metheo ya dithaba.


Iponeleng, le se ke la nyedisa ya buang le lona; hobane ba nyedisitseng ya neng a bua le bona a le lefatsheng, ha ba sa ka ba phonyoha, haholoholo rona re ka phonyoha jwang ha re furalla ya buang le rona a le mahodimong?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos