Jeremia 24:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova a ba a re ho nna: O bonang, Jeremia? Ka re: Ke bona difeiye; difeiye tse monate di monate haholo; tse mpe tsona di mpe haholo, ha di na ho jewa, ke hoba di le mpe. BIBELE Yaba Morena o re ho nna: “Jeremia, o bonang?” Nna ka araba, ka re: “Feiye! Feiye e ntle, e ntle haholo, empa feiye e bodileng yona e bodile hoo e ke keng ya jewa.” |
Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, ke ya romela lerumo le tlala le lefu la sewa hara bona, ke ya ba etsa jwaloka difeiye tse bodila, tse se nang ho jewa ke hoba di le mpe.
Morena a re ho nna: O bonang, Amose? Ka re: Ke bona sekitiloto. Yaba Morena o re: Bona, ke tla bea sekitiloto kahara setjhaba sa ka sa Iseraele; ha ke sa tla hlola ke se tshwarela.
A re ho nna: O bonang, Amose? Ka re: Ke bona seroto se tletseng ditholwana tse butswitseng. Yaba Jehova o re ho nna: E se e le ho fela ha setjhaba sa ka sa Iseraele, ha ke sa tla hlola ke se tshwarela.
La re ho nna: O bonang? Ka re: Ke bona kandelare e leng ya kgauta feela, e nang le nkgo ya yona ya ole ntlheng ya yona, le dilampi tsa yona tse supileng kahodimo ho yona, le dipomponyana tse supileng ho e nngwe le e nngwe ya dilampi tseo tse kahodimo ho yona;
Lengeloi la re ho nna: O bonang? Ka re: Ke bona lengolo le phutholotsweng, le fofang, leo bolelele ba lona e leng ditswe tse mashome a mabedi, le bophara ba lona e le ditswe tse leshome.
[Haele pele, mokgwa Iseraeleng e be e le hore, motho ha a ya botsa Modimo, o ne a re: Tloong, re yeng senoheng; etswe eo kajeno ho thweng ke moporofeta, a ne a bitswa senohe mehleng ya kgale.]