Jehova a ba a re ho nna: O bonang, Jeremia? Ka re: Ke bona difeiye; difeiye tse monate di monate haholo; tse mpe tsona di mpe haholo, ha di na ho jewa, ke hoba di le mpe.
Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Jwaloka ha difeiye tsena di le monate, ba tshwerweng ba Juda, bao ke ba tlositseng nqalong ena, ke ba isitseng lefatsheng la Bakalde, ke tla nne ke ba tadime ho ba etsa hantle.