Yaba Morena o re ho nna: “Jeremia, o bonang?” Nna ka araba, ka re: “Feiye! Feiye e ntle, e ntle haholo, empa feiye e bodileng yona e bodile hoo e ke keng ya jewa.”
“Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Baahi ba Juda ba thopilweng, bao ke ba ntshitseng naheng ena, ka ba isa naheng ya Bakalatiya, ke tla ba tadima ka mohau jwaloka feiye ena e ntle.