Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 24:5 - BIBELE

5 “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Baahi ba Juda ba thopilweng, bao ke ba ntshitseng naheng ena, ka ba isa naheng ya Bakalatiya, ke tla ba tadima ka mohau jwaloka feiye ena e ntle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Jwaloka ha difeiye tsena di le monate, ba tshwerweng ba Juda, bao ke ba tlositseng nqalong ena, ke ba isitseng lefatsheng la Bakalde, ke tla nne ke ba tadime ho ba etsa hantle.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 24:5
21 Referencias Cruzadas  

Pele ke eso kokobetswe ke ne ke kgelohile; jwale ke hlokometse tshepiso ya hao.


Ke hantle ha ke ile ka kokobetswa, ke tle ke ithute thato ya hao.


Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:


Ke tseba merero eo ke le reretseng yona,’ ho rialo Morena, ‘merero e metle e seng e mebe, merero ya ho le nea tshepo le bophelo ba kamoso.


“Ka baka leo, lona bohle ba bothopuweng, bao ke ileng ka ba tlosa Jerusalema ka ba isa Babilona, mamelang mantswe a Morena.


“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena ho bohle ba ileng ba thopuwa, bao ke ileng ka etsa hore ba tloswe Jerusalema, ba iswe Babilona:


“Ka baka leo he, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ke tla le phutha hara baditjhaba, ke le phuthe dinaheng tseo le neng le qhalanyeditswe ho tsona, ke le buseletse naha ya Iseraele.’


Ba tla latela ditaelo tsa ka, ba boloke melao ya ka, ba e phethahatse. E tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona.


Empa leha ho le jwalo, ha ba le naheng ya dira tsa bona ha ke na ho ba lahla; ha ke na ho ba hloya hoo nka ba timetsang ho hang, ka ba ka senya selekane sa ka le bona, hobane ke nna Morena Modimo wa bona.


Morena o molemo, ke setshabelo; ke setshabelo mohla tsatsi la ditlokotsi, ba mo tshepang o a ba sireletsa.


Ena ya boraro e tla feta hara mollo, ke e hlwekise sa silefera ha e hlwekiswa, ke e hlahlobe sa kgauta ha e hlahlojwa. Tjhaba sa ka se tla ipiletsa ho nna, jwale nna ke tla se araba, ke re: ‘Sena ke sona setjhaba sa ka,’ mme sona se tla bolela, se re: ‘Morena ke yena Modimo wa rona.’ ”


“A ba araba, a re: ‘Ruri ke a le bolella, ha ke le tsebe.’


Dinku tsa ka di utlwa lentswe le ka, ke a di tseba, mme di a ntatela.


Jwale re a tseba hore ba ratang Modimo, ba bitsitsweng ka morero wa hae, tsohle di ba tlisetsa molemo.


Empa haeba ho ena le ya ratang Modimo, yena o tsejwa ke yena.


Empa kaha jwale le tseba Modimo, kapa nka re kaha le tsejwa ke Modimo, le ka kgutlela jwang taolong ya meya eo e fokolang, e futsanehileng, eo le ratang ho boela le eba makgoba a yona?


Ha le le lehwatateng, Morena o ile a le fepa manna, ao bo-ntata lona ba neng ba sa a tsebe, hore a le kokobetse, a le leke, qetellong a tle a le etsetse tse molemo.


Leha ho le jwalo, motheo o tiileng, oo Modimo a o entseng, o ntse o tsitsitse, o ngotswe mantswe ana: “Morena o tseba bao e leng ba hae,” le ana: “Bohle ba rapelang Morena ba hlobohe bokgopo.”


“Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, mme ke a ba otla. Tjheseha he, mme o bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos