Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 24:3 - BIBELE

3 Yaba Morena o re ho nna: “Jeremia, o bonang?” Nna ka araba, ka re: “Feiye! Feiye e ntle, e ntle haholo, empa feiye e bodileng yona e bodile hoo e ke keng ya jewa.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Jehova a ba a re ho nna: O bonang, Jeremia? Ka re: Ke bona difeiye; difeiye tse monate di monate haholo; tse mpe tsona di mpe haholo, ha di na ho jewa, ke hoba di le mpe.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 24:3
10 Referencias Cruzadas  

Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:


e, Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke tla ba bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ke etse hore ba tshwane le feiye e bodileng hoo e ke keng ya jewa.


Morena a mpotsa, a re: “Amose, o bonang?” Ka araba, ka re: “Ke bona kgwele e lekanyang.” Morena a re: “Bona! Ke tlilo bea kgwele e lekanyang hara setjhaba sa ka sa Iseraele; ha nka ke ka hlola ke se hauhela.


A mpotsa, a re: “Amose, o bonang?” Ka mo araba, ka re: “Ke bona seroto se tshetseng ditholwana tse butswitseng.” Yaba Morena o re ho nna: “Nako ya ho fela ha setjhaba sa ka sa Iseraele e fihlile, mme ha nka ke ka hlola ke se hauhela.


La mpotsa, la re: “O bona eng?” Ka le araba, ka re: “Ha ke tadima, ke bona sedulwana sa mabone sa kgauta, se nang le sekgakeletso kahodimo. Mabone a supileng a hodima sehlomelo sena, le mapeno a supileng bakeng sa mabone ana a kahodima sedulwana sena.


Lengeloi la mpotsa, la re: “O bona eng?” Ka le araba, ka re: “Ke bona buka e fofang sebakeng: Bolelele ba yona ke dimethara tse robong, bophara ba yona ke dimethara tse nne le halofo.”


Mehleng ya pele, naheng ya Iseraele, ha motho a ne a ilo botsa Modimo o ne a ye a re: “Tloo, re ye ho senohe,” hobane ya bitswang moporofeta kajeno, mehleng eo o ne a bitswa senohe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos