Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 24:2 - BIBELE

2 Se seng sa diroto tsena se ne se tshetse feiye e ntle, e tshwanang le feiye e butswang pele; se seng sona se tshetse feiye e bodileng, hoo e neng e ke ke ya jewa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Seroto se seng se ne se na le difeiye tse monate jwaloka difeiye tsa dithakangwaha, seroto se seng se ena le difeiye tse mpe haholo, tse se nang ho jewa ke hoba di le mpe.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 24:2
11 Referencias Cruzadas  

Nkabe ke etseditse tshimo ya ka eng, ho feta seo ke e etseditseng sona? Ha ke ne ke lebeletse hore e behe morara o monate, ho tlile jwang hore e behe morara wa hlahlaane?


Tshimo ya morara ya Morena wa mabotho, ke ntlo ya Iseraele, tjhaba sa Juda ke semela se mo kgahlang; Morena a batla toka, empa a e hloka, bakeng sa ho loka ya eba dillo le tshollo ya madi.


e, Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke tla ba bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ke etse hore ba tshwane le feiye e bodileng hoo e ke keng ya jewa.


“Ha ke ne ke qala ho fumana Iseraele, o ne a ka morara o metseng hara lehwatata; ha ke qala ho bona baholoholo ba lona, ba ne ba ka feiye ya dilopotsiya. Empa hoba ba fihle Baale-Peore, ba ineella modingwana o hlabisang dihlong, ba nyonyeha sa manyala ao ba a ratang!


Ke madimabe hakaakang! Ke ka motho ya reng o kgola tholwana, ya reng o kgola tsa hlabula athe ha di yo. Ke ka rapa sa morara se kgwahlapisitswe; ha ho lesihla la morara le ka jewang, ha ho feiye ya pele eo nka e lakatsang.


Qhobosheane tsohle tsa hao di ka fate tsa feiye, fate tsa feiye tse butswang pele: Ha di hlohlorwa, di a wa, di wela ka hanong la moji wa tsona.


Ditholwana tsa dilopotsiya tse butswitseng tsa naha ya bona, tseo ba di tlisetsang Morena, e tla ba tsa hao. Bohle ba lelapa la hao ba hlwekileng ba tla di ja.


“Le letswai la lefatshe, empa ha letswai le ka tapa, le ka tswaifatswa kang? Ha le sa na thuso, haese hore le lahlelwe kantle, le hatakelwe ke batho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos