Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 8:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A re ho nna: O bonang, Amose? Ka re: Ke bona seroto se tletseng ditholwana tse butswitseng. Yaba Jehova o re ho nna: E se e le ho fela ha setjhaba sa ka sa Iseraele, ha ke sa tla hlola ke se tshwarela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 A mpotsa, a re: “Amose, o bonang?” Ka mo araba, ka re: “Ke bona seroto se tshetseng ditholwana tse butswitseng.” Yaba Morena o re ho nna: “Nako ya ho fela ha setjhaba sa ka sa Iseraele e fihlile, mme ha nka ke ka hlola ke se hauhela.

Ver Capítulo Copiar




Amose 8:2
25 Referencias Cruzadas  

Yaba Modimo o re ho Nowe: Bofelo ba nama yohle bo fihlile pela ka, hobane lefatshe le tletse ho bolayana ha bona, mme jwale ke tla ba timeletsa le lefatshe.


Palesa e ponang ya serwalo sa hae sa bokgabane, e hlorong ya sekgutlo se nonneng, e tla ba jwaloka feiye ya pele, kotulo e eso ho tle; mofeti a re a sa e bona, a ntshe letsoho, a e metse.


Haele nna, bonang, ke ya aha Mitspe ho ema pela Bakalde ba tlang ho rona; mme lona, le bokelle veine le ditholwana le ole, le di bee dipitseng tsa lona; mme le ahe metseng eo le leng ho yona.


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba busa hammoho le bona, mme setjhaba sa ka se ikgahlisetsa teng. Le tla etsang qetellong?


Ba hlwela metsamao ya rona, hore re se ke ra tsamaya mapatlelong a heso; bofelo ba rona bo haufi, ditshiu tsa rona di phethehile, hobane ho se ho tlile bofelo ba rona.


Ha ho le jwalo, ere ho bona: Morena Jehova o re: Ke tla kgaoletsa polelo eo, e tle e se ke ya nna ya phetwa Iseraeleng. O mpe o re ho bona: Matsatsi a ntse a atamela, le yona ketsahatso ya pono e nngwe le e nngwe ya mohlolo;


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Bona, ke tla o tlisetsa lerumo, ke kgaole batho le dikgomo ha hao.


A eketsa a re ho nna: Mora motho, amohela pelong ya hao mantswe wohle a ka ao ke a buang ho wena, o a sekehele ditsebe.


Haele ba ntlo ya Iseraele, ba tla hana ho o mamela hobane ba hana ho mamela nna; etswe bohle ba ntlo ya Iseraele e le ba thatafaditseng difahleho, ba sataladitseng dipelo.


bofelo bo a tla, bofelo bo a tla, bo o phaphametse. Bona, bo tlile.


A re ho nna: Mora motho, na o bone seo baholo ba ntlo ya Iseraele ba se etsang lefifing, e mong le e mong phaposing ya ditshwantsho tsa hae? Hobane ba re: Jehova ha a re bone, Jehova o furaletse lefatshe lena.


A re ho nna: Mora motho, na o bone na? Na ke ntho e nyenyane hore ba ntlo ya Juda ba etse manyala a etswang ke bona mona, haele moo ba tlatsitse lefatshe ka bothata, mme ba ntse ba nkgalefisa na? O ka bona, ba isa lekala la morara dinkong tsa bona.


A re ho nna: Mora motho, na o bona seo ba se etsang na? Na o bona manyala a maholo ao ba ntlo ya Iseraele ba a etsang mona, hore ba tle ba ntshuthise pela sehalalelo sa ka? Empa o sa tla bona manyala a mang a maholo.


Ho se ho tla ditshiu tsa hlahlobo, ho se ho tla ditshiu tsa phetetso! Iseraele o tla tseba! Moporofeta o fetohile lewatla, motho wa moya o hlanya ka baka la boholo ba bokgopo ba hao le ka baka la bora ba hao bo boholo.


Morena a re ho nna: O bonang, Amose? Ka re: Ke bona sekitiloto. Yaba Morena o re: Bona, ke tla bea sekitiloto kahara setjhaba sa ka sa Iseraele; ha ke sa tla hlola ke se tshwarela.


Ke ena pono eo Morena Jehova a neng a ntlhahisetse yona. Ka bona seroto se tletseng ditholwana tse butswitseng.


Jo nna! ke jwaloka serapa, ha ho kotutswe ditholwana tsa sona, jwaloka tshimo ya merara e kgwahlapiswang, ha e kotutswe: ha ho sa le lesihla la morara le ka jewang, leha e le selopotsiya sa feiye se lakatswang ke moya wa ka!


Lengeloi la re ho nna: O bonang? Ka re: Ke bona lengolo le phutholotsweng, le fofang, leo bolelele ba lona e leng ditswe tse mashome a mabedi, le bophara ba lona e le ditswe tse leshome.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos