Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 7:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Morena a re ho nna: O bonang, Amose? Ka re: Ke bona sekitiloto. Yaba Morena o re: Bona, ke tla bea sekitiloto kahara setjhaba sa ka sa Iseraele; ha ke sa tla hlola ke se tshwarela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Morena a mpotsa, a re: “Amose, o bonang?” Ka araba, ka re: “Ke bona kgwele e lekanyang.” Morena a re: “Bona! Ke tlilo bea kgwele e lekanyang hara setjhaba sa ka sa Iseraele; ha nka ke ka hlola ke se hauhela.

Ver Capítulo Copiar




Amose 7:8
15 Referencias Cruzadas  

Ke tla otlolla kgwele ya Samaria, le tekanyo ya ntlo ya Akabe hodima Jerusalema; ke tla hlakola Jerusalema jwalokaha motho a hlakola pitsa, a e hlakole, a be a e ribehe.


Ke tla etsa tokelo molao, ho loka e be tokiso; mme sefako se tla ya le setshabelo sa leshano, metsi a hlakole tshirelo ya lona.


E tla ruwa ke moholodi le ke hlong; sephooko le lekgwaba di tla aha teng, mme e tla lekanngwa ka thapo ya tshenyo le ka thapo ya polao.


O ntlohetse, ho bolela Jehova, o kgutlile kasanthao; ka baka leo, ke otlolotse letsoho la ka hodima hao, ke tle ke o fedise; ke se ke kgathetse ke ho rekolohela.


Jehova o rerile ho ripitla lerako la moradi wa Sione, a tatamatsa kgwele ya tekanyo, mme ha a ka a honyetsa letsoho la hae tshenyong; o swabisitse lerako le tora, di ntse di swabile hammoho.


Mosadi a boela a emola, a tswala ngwanana; Jehova a re ho Hosea: O mo ree lebitso la Lo-Ruhama (ya sa hauhelwang); hobane ha ke sa tla hauhela ntlo ya Iseraele ka ho e tshwarela.


Ke ena pono eo a neng a ntlhahisetse yona. Ka bona Morena Jehova a eme hodima lerako le hahilweng ka ho lekanngwa ka sekitiloto, a tshwere sekitiloto letsohong la hae.


A re ho nna: O bonang, Amose? Ka re: Ke bona seroto se tletseng ditholwana tse butswitseng. Yaba Jehova o re ho nna: E se e le ho fela ha setjhaba sa ka sa Iseraele, ha ke sa tla hlola ke se tshwarela.


Modimo ke ofe o jwaloka wena, o tlosang bokgopo, o tshwarelang dibe tsa masala a lefa la hao? O ke ke wa boloka bohale ba wona ka ho sa yeng kae, hobane haele wona, o kgahlwa ke ho hauhela.


Hobane ke mang ya ka nyedisang letsatsi la taba tse nyenyane? A ile a thaba ha a bona loto ya ho lekanya e letsohong la Sorobabele, mahlo ao a supileng, e leng mahlo a Jehova, a ntseng a qamaka lefatshe lohle.


La re ho nna: O bonang? Ka re: Ke bona kandelare e leng ya kgauta feela, e nang le nkgo ya yona ya ole ntlheng ya yona, le dilampi tsa yona tse supileng kahodimo ho yona, le dipomponyana tse supileng ho e nngwe le e nngwe ya dilampi tseo tse kahodimo ho yona;


Lengeloi la re ho nna: O bonang? Ka re: Ke bona lengolo le phutholotsweng, le fofang, leo bolelele ba lona e leng ditswe tse mashome a mabedi, le bophara ba lona e le ditswe tse leshome.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos