Mikea a re: Ka Jehova ya utlwang, seo Jehova a tla mpolella sona, ke sona seo ke tla se bolela.
Jeremia 1:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova a re ho nna: O se ke wa re: Ke sa le ngwana, o mpe o ye ho bohle bao ke tla o romela ho bona, o bolele tsohle tseo ke tla o laela tsona. BIBELE Empa Morena a re ho nna: “Se ke wa re: ‘Ke sa le ngwana,’ hobane o tla ya ho bohle bao ke tla o roma ho bona, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona. |
Mikea a re: Ka Jehova ya utlwang, seo Jehova a tla mpolella sona, ke sona seo ke tla se bolela.
Jwale, Jehova, Modimo wa ka, o beile mohlanka wa hao morena, tulong tsa ntate Davida; athe nna ke mohlankanyana feela, ha ke tsebe le ho itsamaisa.
Mikea a re: Ka Jehova ya utlwang, seo Modimo wa ka o tla mpolella sona, ke sona seo ke tla se bolela.
Jehova a bolella Moshe, a re: Ke nna Jehova. Bolella Faro, morena wa Egepeta, tsohle tseo ke o boleletseng tsona.
Ho itswe ke Jehova: Eya, o eme lebaleng la ntlo ya Jehova, o bolelle ba metse kaofela ya Juda ba kenang ho ya kgumama ka tlung ya Jehova mantswe wohle ao ke o laetseng ho ba bolella wona; o se ke wa ba lobela lentswe leha le le leng.
Eitse hobane Jeremia a qete ho bolella setjhaba kaofela mantswe wohle a Jehova, Modimo wa bona, ao Jehova, Modimo wa bona, a mo romileng ho bona ka wona, mantswe wona ana kaofela,
O ba bolelle ditaba tseo kaofela, empa ba ke ke ba o utlwa; o bitse ho bona, empa ba ke ke ba o araba.
O mpe o ba bolelle mantswe a ka, leha ba ka mamela, leha ho se jwalo, etswe e le bahanyetsi.
Empa etlare ha ke bua le wena, ke tla ahlamisa molomo wa hao, mme o tla re ho bona: Morena Jehova o a bua! ... Ho mamele ya mamelang, ya hanang a hane, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.
Empa Jehova o ntshwere ke alositse mohlape, mme Jehova a re ho nna: Eya, o porofete hodima setjhaba sa ka sa Iseraele.
Tloha, o ye Ninive, motseng o moholo, mme teng o tumise ditaba tseo ke o bolellang tsona.
Modimo wa tla ho Balaame bosiu, wa re ho yena: Erekaha banna bana ba tlile ho o bitsa, tloha o ye le bona; leha ho le jwalo, o tla etsa seo ke tla o bolella sona.
Balaame a re ho Balake: Bona, ke tlile ho wena; empa na ke na le matla a ho bolela taba na? Ke tla bolela mantswe ao Modimo o tla a bea molomong wa ka.
mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.